Vinkmag ad

La 6 Motšeanong 2024

Beke ea 6 ea Paseka

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola.(16,11-15)

“Morena a bula pelo ea hae hore a hlokomele tse neng li boleloa ke Paulosi.”

Ra kena sekepeng Troase, ra toba Samothrake. Ka le hlahlamang ra fihla Neapolise. Ha re tloha teng ra ea Filippi, e leng koloni ea Roma le motse o moholo oa tikoloho ena ea Makedonia. Ra ba ra lula motseng ona matsatsi a seng makae. Ka letsatsi la sabbatha ra tsoela kantle ho motse, pel’a noka, moo ho nong ho bonahala hore thapelo e teng.

Ra lula fatše ‘me ra bua le basali ba neng ba phuthehetse teng. Har’a bona ho ne ho e-na le e mong ea bitsoang Lidia, ea sebeletsang Molimo. E ne e le morekisi oa masela a purepera motseng oa Thia tira. A re mamela, ‘me Morena a bula pelo ea hae hore a hlokomele tse neng li boleloa ke Paulosi.

Eitse ha a se a hlatsoitsoe, eena le ba ntlo ea hae, a re: Haeba le lekanya hore ke tšepahala ho Morena, le mpeng le kene ka tlung ea ka ‘me le lule teng. A ba a re qophella.

PESALEMA 149 (1-6.9 R. 4)

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

le mo roke phuthehong ea metsoalle hae.

Israele a ke a ithabele ka ‘mopi oa hae,

bana ba Sione ba ke ba nyakalle ka khosi ea bona.

Ba ke ba rorise lebitso la hae ka mehobelo,

ba mo roke ka meropana le harepa;

Hobane Morena o khahliloe ke sechaba sa hae,

o sitsa ba hlophehileng ka pholoho.

Metsoalle ea hae e tla ba motlotlo,

e hooe ka thabo ha e itihela ka pele ho eena;

Le phafe Molimo ka lentsoe le phefa:

ke bona boitumelo ba metsoalle eohle ea hae.

Ho baloa Evangeling e halalelange ngotsoeng ke Joannes. (15.26 -16,4)

“Moea oa ‘nete ke eena ea tla mpaka.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Etlare ha ‘Muelli a e-tla, eo ke tla le romela eena ke le ho Ntate, Moea oa ‘nete o tsoang ho Ntate, ke eena ea tla mpaka. Le lona le tla mpaka, hobane le bile le ‘na e sa le ho qaleng.

Ke le boleletse tsena hore le tle le se ke la khoptjoa. Ba tla le leleka matlung a thapelo le hona nako ea tla, eo ka eona mang le mang ea le bolaeang a tla lekanya eka o hlonepha Molimo. ‘Me ba tla le tšoara joalo, kahobane ha ba ka ba tseba Ntate leha e le ‘na. Ke le boleletse hore ha nako ea tsona e fihla, le tle le hopole hore ke ne hle ka le bolella tsona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Motšeanong 2024

Read Next

La 7 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular