Vinkmag ad

La 3 Motšeanong 2024

Beke ea 5 ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola.(15,22-31)

“Ke thato ea Moea o Halalelang le thato ea rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong, ha e se tse hlokahalang haholo.”

Matsatsing ao, baapostola le baholo, ‘moho le kereke eohle, ba fumana ho le molemo hore ba khethe banna ba bang har’a bona, bao ba tla ba roma Antiokia ‘moho le Paulosi le Barnabase. Ea e-ba Juda ea bitsoang Barsabbase le Silas ba neng ba hlonepshoa haholo ke baena. Ba ba neha lengolo le reng:

Ho bana babo rona ba balichaba, ba ahileng Antiokia, le Siria le Kilikia, tumeliso e tsoang ho bana babo bona, baapostola le baholo.

Ere ka ha re utloile hore ba bang ba tsoang koano, ba sa kang ba laeloa ke rona, ba ile ba le ferekanya ka lipuo, ba tsukutla meea ea lona, re fumana ho le molemo, hore, ha re phuthehile, re khethe banna bao re tla ba roma ho lona, ‘moho le metsoalle e ratehang ea rona, Barnabase le Saule, e leng batho ba tetseng bophelo ba bona ka baka la lebitso la Morena oa rona Jesu Kriste.

Re romile Juda le Silas, ba tla le bolella tsona tseo ka molomo. Ke thato ea Moea o Halalelang le thato ea rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong, ha e se tsena tse latelang tse hlokahalang haholo: le ile tse hlabetsoeng melimo ea bohata le mali, le tse fenethiloeng, ‘me le se etse bohlola. Ka ho phema tsena le tla be le entse hantle, Salang ka khotso. Maqosa a fuoa tsela ‘me e theohela Antiokia. Teng a phutha batho ‘me a ba neha lengolo leo. Bona ha ba le balile, ba thabela khothatso ea lona.

PESALEMA 56 (8-12. R. 10)

 

MORENA, KE TLA U BOKA HAR’A LICHABA.

Pelo ea ka e ikemiselitse, Molimo,

pelo ea ka e ikemiselitse

ho u binela le ho u roka ka lifela.

Tsoha, moea oa ka;

tsoha, uena harepa, le uena cithara;

a nke ke roke esitana le mafube!

Morena, ke tla u boka har’a lichaba,

ke tla u roka ka lifela har’a merabe.

Molimo oa ka, u k’u phahame le ho feta maholimo,

letlotlo la hao le bonahale lefatšeng lohle!

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (15,12-17)

“Ke le nehile molao o mocha: le ratane.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Molao oa ka ke ona: le ratane joaloka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang lena la hore a telle metsoalle bophelo ba hae. Lona le metsoalle ea ka, ha feela le etsa seo ke le laelang sona. Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo mong’a hae a se etsang; empa ke le bitsa metsoalle, hobane tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate, ke le tsebisitse tsona.

Ha se lona ba nkhethileng, empa ke ‘na ea le khethileng, hore le ee, le behe litholoana, ‘me litholoana tsa lona e be tse sa senyeheng, ‘me sohle seo le tla se kopa ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa sona. Seo ke le laelang ke hore le ratane.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Motšeanong 2024

Read Next

La 4 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular