Vinkmag ad

La 2 Motšeanong 2024

Beke ea 5 ea Paseka

Labone

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (15,7-21)

“Ke re: Ho se ke ha khathatsoa balichaba ba sokolohelang ho Molimo.”

Matsatsing ao, Peterosi a ema ‘me a re ho baapostola le ho baholo: Banna ba heso, le tseba hore e se e le qalehong Molimo a nkhethile har’a rona bohle, hore balichaba ba utloe lentsoe la Evangeli ka molomo oa ka ‘me ba lumele. Molimo, ea tsebang lipelo, o ba pakile ka ho ba neha Moea o Halalelang joaloka rona; ‘me ha a ka a etsa khethollo pakeng tsa rona le bona empa a hloekisa lipelo tsa bona ka tumelo.

Ha ho le joalo, le lekela’ng Molimo joale ka ho rata ho beha molaleng oa barutuoa joko eo bo-ntat’a rona ‘me esita le rona, re sitiloeng ho e jara? Athe re lumetse hore re pholosoa ka mohau oa Morena Jesu Kriste, ka mokhoa o tšoanang le batho bao.

Eaba seboka kaofela sea khutsa, ‘me sa mamela Barnabase le Paulosi ha ba pheta lipontšo le mehlolo e meholo eo Molimo a e entseng ka bona har’a balichaba.

Ha ba qetile ho bua, Jakobo a bua, a re: Bana beso, ‘mameleng! Simone o s’a le boleletse kamoo Molimo a neng a qale ho hlokomela balichaba a tle a ikhethele har’a bona sechaba se tla bitsoa ka eena. Lipolelo tsa baprofeta lia mo emela, hobane ho ngotsoe, ho thoe:

Kamor’a tsena ke tla khutla ‘me ke tla tsosa motlotloane oa Davida o oeleng; ke tla tsosa lithako tsa oona, ke o ahe bocha; e le hore batho ba bang bohle ba tle ba batle Morena, le lichaba tsohle, tseo ke li bitsitseng hore e be tsa ka; ho rialo Morena ea entseng hore tsena li tsejoe ha esale.

Ka baka leo, ‘na ke re: Ho se ke ha khathatsoa balichaba ba sokolohelang ho Molimo, ba mpe ba bolelloe ka lengolo hore ba ile tse hlabetsoeng melimo ea bohata, ba pheme bohlola, ‘me ba se ke ba ja tse fenethiloeng le mali. Hobane ho tloha mehleng ea khale Moshe o na e-na le ba rutang tsa hae motseng o mong le o mong, ‘me Molao oa hae o nts’o baloa matlung a thapelo ka Lisabbatha tsohle.

PESALEMA 95 (1-3.10. R. 3)

LE BOLELE MESEBETSI E TSOTEHANG EA MORENA HAR’A LICHABA TSOHLE.

Binelang Morena sefela se secha,

binelang Morena, lona mafatše ‘ohle.

Binelang Morena, le boke lebitso la hae,

tumisang pholoho ea hae ka matsatsi ‘ohle.

Le bolele letlotlo la hae har’a lichaba,

le mesebetsi e tsotehang ea hae har’a merabe eohle,

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso e kholohali,

o tšabeha ho feta melimo eohle.

Bolellang lichaba le re: “Morena ke khosi!”

ka hona lefatše le tiile, le ke ke la sisinyeha.

O ahlola lichaba ho se leeme.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (15,9-11)

“Lulang leratong la ka, thabo ea lona e ke e tlale.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Joalokaha Ntate a nthatile. Lulang leratong la ka. Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka, joalokaha le ‘na ke bolokile melao ea Ntate ‘me ke lula leratong la hae. Ke le boleletse tsena hore thabo ea ka e be ka ho lona ‘me thabo ea lona e ke e tlale.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Motšeanong 2024

Read Next

La 3 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular