Vinkmag ad

Amahoro ke khotso le lerato

Bishop Robert Mohanoe ea tlisitseng Amahoro Lesotho, o bontšitse hore morero oa eona o moholo ke ho matlafatsa temo, ‘me ba bang ba khothaletsa hore e fetele litsi tsa tlhabollo ea batšoaruoa ho matlafatsa bophelo ba bona.

Mothehi oa Mokhatlo Amahoro Afrika, Hennie Henkom o itse e reretsoe ho ntlafatsa basali litabeng tsa basali, ka hona banna ba lokela ho tseba bohlokoa ba basali. Leha ho le joalo hona ha ho bolele hore banna ba behelloa kathoko kaha ba rata ho bona e kenella hohle le kahar’a metse.
A tsoelapele ho re Amahoro  ha se kereke kapa mokhatlo empa ke pono e bolela khotso, lerato le tšebelisano ‘moho. A re khotso ena o rata ho bona batho ba phela ka eona metseng ba kenyelelitse le lerato lena, ho sa khathalle maemo a motho e ka moetapela kapa motsoali. O re e ka thusang hore naha ho tsoelepele, kaha 75% ea Basotho e phela kahar’a metse, ‘me 90% e le bakriste.

O itse takatso ea hae ke ho etela metseng e le ho fana ka thuto haholo basaling hobane Morena Molimo o ba file mosebetsi o moholo oa ho fetisetsa kholo le lerato ngoaneng. A re kholo ea naha e matsohong a basali kaha e le bona ba nkang boikarabello ba ho holisa bana, bao e tla ba baetapele ba kamoso.

‘Matankiso Ntepelle o khothalelitse basali ho ikopanya ‘moho ho hlola liqholotso tse ba tobileng haholo tsa tlhekefetso le thekisetsano ea batho eo hangata ba kopanang le eona marang-rang kamora ho thetsoa ke lefereho. A ipiletsa ho basali ho inahana kapele ‘me ba nang le monahano oa ho etsa se ka phelisang ba etsa joalo ka potlako ‘me ba meme ba bang e le ho ba matlafatsa.
A phethela ka hore ba tlo shebana le thuto ‘moho le bohlale mererong e ka bang 20, ‘me hara tseo ba tlo ruta basali mesebetsi ea matsoho e le hore ba tlohele ho sheba ho hiroa, empa ba ithehele mesebetsi. A re ha ba ka kopana eaba ntho e le ‘ngoe ba iphumana ba loantšitse lipolao tsena tse sehlooho tsa basali le bana.

Vinkmag ad

Read Previous

Tsebo mabapi le poloko

Read Next

La 1 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular