Vinkmag ad

La 6 ‘Mesa 2024

Beke ea Paseka

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (4,13-21)

“Re sitoa ho se bolele tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”

Matsatsing ao, ha marena a sechaba, baholo le bangoli ba bona sebete sa Peterosi le Joannes, ba bile ba utloa hore ke bafo feela, batho ba sa rutehang, banna ba lekhotla ba makala; etsoe ba ne ba tseba hore ba bile le Jesu. Empa le teng ha ba bona ea neng a folisitsoe a eme moo Peterosi le Joannes ba sitoa ho hanyetsa letho.

Hoba ba ba laele ho tsoela ka ntle ho lekhotla, ba qala ho buisana, ba re: Re tla ba etsa joang batho bana? Hobane ba fela ba entse mohlolo o tsejoang ke baahi bohle ba Jerusalema, o pepeneneng, oo re sitoang ho o latola. Empa hore taba eo e tle e se ke ea tsoela pele ho pepesoa sechabeng, a re ba sokeleng ‘me re ba hanele ho hlola ba bua le motho le ea mong ka lebitso leo.

Eaba baa ba bitsa, ‘me ba ba laela hore ba se hlole ba bua le hanyenyane, kapa ba ruta ka lebitso la Jesu. Empa Peterosi le Joannes ba fetola, ba re ho bona: A le ke le ahloleng e le löna, hore na ho lokile mahlong a Molimo ho mamela lona ho e-na le Molimo. Ha e le rõna, re sitoa ho se bolele tseo re li boneng le tseo re li utloileng.

Leha ho le joalo, eitse hoba ba ba sokele hampe, ba ba lokolla, ba sa fumane mokhoa oo ba ka ba fang kotlo ka oona, ka baka la sechaba: hobane bohle ba ne ba tlotlisa Molimo ka baka la se etsahetseng.

PESALEMA 117   (1.14-21. R. 21)

KEA U BOKA, MORENA, HOBANE U NKARABILE.

Bokang Morena, hobane o molemo,

mohau oa hae ke o sa feleng.

Mehoo ea thabo le ea tlholo e utloahala

metlotloaneng ea ba lokileng.

 

Letsoho la Morena le sebelitse ka matla,

letsoho la Morena le mphahamisitse.

Ha e le ho nkhalemela Morena o hlile a nkhalemela,

empa ha a ka a ntlohella ho shoa.

 

Mpuleleng likhoro tse isang tokeng,

ke tla kena ka tsona, ke boke Morena.

Kea u boka, hobane u nkarabile,

u bile mopholosi oa ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (16,9-15)

“E-eang lefatšeng lohle, le phatlalletse libopuoa tsohle molaetsa oa taba tse monate.”

Jesu o ile a tsoha bafung tsatsing le qalang beke e sa le ka meso. A qala ka ho iponahatsa ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademone ba supileng ho eena. Eena a ea bolella ba bileng le Jesu, ba neng ba le bofifing ‘me ba lla. Empa bona ha ba utloa hore oa phela, o bonoe ke eena, ba se ke ba kholoa. Ka morao ho tseo a iponahatsa ka sebopeho se seng ho ba babeli ba bona ba neng ba ikela naheng. Bao ba khutla ho ea bolella ba bang, empa le bona ha ba ka ba ba kholoa.

Qetellong Jesu a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong ha ba le lijong. A khalemela ho se lumele ha bona le bothata ba lipelo tsa bona, hobane ha ba ka ba lumela ba neng ba ‘mone a tsohile bafung. Eaba o re ho bona: E-eang lefatšeng lohle, le phatlalletse libopuoa tsohle molaetsa oa taba tse monate.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 ‘Mesa 2024

Read Next

La 8 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular