Vinkmag ad

La 30 ‘Mesa 2024

Beke ea 5 ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (14,18-27)

“Ba pheta Kereke kamoo Molimo a sebelitseng tse kholo ka bona.”

Matsatsing ao, Bajodi ba bang ba fihla, ba e-tsoa Antiokia le Ikonia ‘me ba thetsa bongata; eaba ba tlepetsa Paulosi ka majoe, ba mo hulela kantle ho motse ba hopola hore o shoele. Empa barutuoa ba mo teela hare, ‘me a tsoha, a ba a boela a kena motseng.

Ka le hlahlamang a tloha le Barnabase a leba Derbe. Motseng oo, ba bolela Molaetsa oa taba tse monate, ‘me ba fumana barutuoa ba bangata. Eaba ba khutlela Listra, Ikonia le Antioke, ba tiisa meea ea barutuoa ‘me ba ba khothaletsa ho phehella tumelong. Ba ba bolella, ba re: E ka khona re fete har’a matšoenyeho a mangata, ha re tla kena ‘Musong oa Molimo.

Kerekeng e ‘ngoe le e ‘ngoe, baapostola bao ba behela balumeli baholo, bao, kamora’ thapelo le boitimo ba ileng ba ba siea kalosong ea Morena eo ba lumetseng ho eena. Joale ba hahola Pisidia, ba fihla Pamfilia, ‘me hoba ba bolele Lentsoe la Molimo Perge, ba theohela Attalia.

Ha ba tloha teng, ba kena sekepeng ho ea Antiokia, moo ba neng ba ile ba tloha teng ba behiloe mohaung oa Molimo, ho ea etsa mosebetsi oo ba neng ba o qetile joale. Hoba ba fihle Antiokia, ba phutha kereke ‘me ba pheta kamoo Molimo a sebelitseng tse kholo ka bona, le kamoo a buletseng balichaba monyako oa tumelo kateng. Eaba ba lula le barutuoa teng nako e teletsana.

PESALEMA 144 (10-13.21. R/. 12)

METSOALLE EA HAO, MORENA, E TSEBISOE LETLOTLO LA PUSO EA HAO.

Morena, mesebetsi ea hao kaofela e ke e u lebohe,

metsoalle ea hao e ke e u boke.

E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hao,

e ke e bolele matla a hao,

ho tsebisa bana ba batho matla a hao,

letlotlo le botumo ba puso ea hao.

Morena o tšepahala lipolelong tsohle tsa hae,

o mohau liketsong tsohle tsa hae.

O phethisa litakatso tsa ba mo tšabang,

o utloa mohoo oa bona ‘me oa ba pholosa.

Morena o baballa bohle ba mo ratang,

ba khopo bona o ba timetsa kaofela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (14,27-31)

“Ke le fa khotso ea ka.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka; ha ke le fe eona joaloka ha lefatše le fana ka eona. Pelo tsa lona li se ke tsa ferekana, leha e le ho tšaba. Le nkutloile ha ke re ho löna; Kea ea, ke boele ke khutlele ho lõna. Hoja lea nthata, le ka be le thabile ha ke e-ea ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho ‘na. Ke le bolella tsena e sa le joale, li e-s’o etsahale, hore mohla li etsahalang le lumele.

Ha ke sa na ho bua tse ngata le löna; hobane morena oa lefatše lena oa tla ‘me ha a na matla holim’a ka. Empa e ka khona lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, ‘me kamoo Ntate a ntaetseng kateng, ke etsa joalo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 ‘Mesa 2024

Read Next

LEC e tla fuputsoa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular