Vinkmag ad

La 27 ‘Mesa 2024

Beke ea 4 ea Paseka

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (13,44-52)

“Re retelehela ho balichaba.”

Ka sabbatha se hlahlamang motse oa batla o phutheha kaofela ho tla utloa Lentsoe la Molimo. Empa eitse ha Bajodi ba bona bongata boo, ba tlala mõna ‘me ba hanyetsa tse neng li boleloa ke Paulosi, ba nyefola. Eaba Paulosi le Barnabas ba bua ka sebete, ba re:

E n’e ka khona e be lõna le bolelloang Lentsoe la Molimo pele. Empa ere ka ha le le hana ‘me le ikahlola e le lona hore ha lea tšoanela bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho balichaba. Hobane Morena o re laetse joalo, a re: Ke u behile leseli la balichaba hore u fihlise pholoho lipheletsong tsa lefatše.

Ha balichaba ba utloa taba eo, ba thaba ‘me ba rorisa Lentsoe la Morena! ‘Me bohle ba khethetsoeng bophelo bo sa feleng ba lumela. Ka tsela ena Lentsoe la Morena la anela naheng eo kaofela.

Empa Bajodi ba hlohlelletsa baholo ba motse le basali ba barui ba sebeletsang Molimo. Ba tsosetsa Paulosi le Barnabas tlhoriso, ‘me ba ba leleka tikolohong ea bona. Eaba bona ba ba hlohlorela lerole le maotong a bona, ‘me ba leba Ikonia. Ha e le barutuoa, ba ne ba tletse thabo le Moea o Halalelang.

PESALEMA 97

 LIQOLA TSOHLE TSA LEFATS’E LI TLA BONA PHOLOHO EA MORENA OA RONA.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

 ka letsohỏ le halalelang la hae.

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae

bakeng la ntlo ea Israele.

Liqola tsohle tsa lefatše

li bone pholoho ea Morena oa rõna.

Lõna mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo le mo roke ka lifela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (14,7-14)

“Ea mponang o s’a nts’a bona Ntate.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Hojane ha ho joalo, nka be ke le boleletse, kahobane ke ea le lokisetsa tulo. ‘Me ha ke se ke ile ho le lokisetsa tulo, ke tla khutla hape, ke le nkele ho ‘na, hore moo ke leng teng, le lõna le be teng. Le tseba moo ke eang teng le tsela lea e tseba.

Thomas a re ho eena: Morena, ha re tsebe moo u eang teng. Tsela re ka e tseba joang na? Jesu a re ho eena; Ke Na Tsela, ‘Nete le Bophelo. Ha ho motho ea tlang ho Ntate ha e se ka ‘na. Hojane le ntsebile, le ka be le tsebile le eena Ntate. Esita le hona joale lea mo tseba ‘me le se le ‘mone.

Filippi a re ho eena; Morena, u re bontše Ntate, ‘me ho re lekane. Jesu a re ho eena: Khale ke e-na le löna, empa ha le e-s’o ntsebe? Filippi, ea mponang o s’a nts’a bona Ntate. U ka bolela joang ua re: u re bontše Ntate? Ana ha u lumele hore ke ho Ntate ‘me Ntate o ho ‘na na?

Lipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke li bolele li tsoa ho ‘na, empa Ntate ea lulang ka ho ‘na, ke eena ea etsang mesebetsi. Ana ha le lumele hore ke ka ho Ntate le Ntate o ka ho ‘na? Bonyane le lumele joalo ka baka la eona mesebetsi.

Ka ‘nete-nete ke re ho lona: ea lumelang ho ‘na, le eena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang. Ebile o tla etsa e fetang ena, hobane ke ea ho Ntate. ‘Me hohle họo le tla ho kopa ho Ntate ka lebitso la ka, ke tla ho etsa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 26 ‘Mesa 2024

Read Next

La 29 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular