Vinkmag ad

La 26 ‘Mesa 2024

Beke ea 4 ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (13,26-33)

“Ka ho tsosa Jesu, Molimo o phethile lipallo.”

Matsatsing ao, Paulosi a fihla Antiokia e Pisidia, a kena tlung ea thapelo ‘me o n’a re:

Banna ba heso, lõna ba leloko la Abrahama, le lõna bohle ba leng teng mona ba tšabang Molimo, ke ho lõna molaetsa ona oa pholoho o rometsoeng. Hobane ka ho se tsebe Jesu baahi ba Jerusalema le marena a bona, ka ho mo ahlõla ba phethile mantsoe a baprofeta a baloang ka Lisabbatha tsohle.

Leha ba sa ka ba fumana molato o lokelang lefu, ho eena, ba kõpa Pilato hore ba ‘molaee. Eitse ha ba phethile tsohle tse ngotsoeng ka eena, ba mo fanyolla sefateng sa sefapano ‘me ba ‘meha lebitleng.

Empa, Molimo a mo tsosa bafung ka letsatsi la boraro. Ka matsatsi a mangata o ile a iponahatsa ho ba neng ba nyolohetse le eena Jerusalema, ba e-tsoa Galilea, ke bona bao e leng lipaki tsa hae pel’a sechaba ho fihlela joale.

‘Me rona re le bolella hore lipallo tse neng li etselitsoe bo-ntat’a rõna, Molimo o li phethetse rõna, bana ba rõna, ka ho tsosa Jesu Kriste Morena oa rõna bafung.

PESALEMA 2 (6-11. R. 7)

U MORA OA KA: KE U TSOETSE KAJENO.

“Ke ‘na ea behileng Khosi ea ka Sione,

thabeng e halalelang ea ka.”

Ke tla phatlalatsa taelo ea Morena.

Morena o itse ho ‘na:

“U Mora oa ka, ke u tsoetse kajeno.

Kopa, ke tla u fa lichaba e be lefa la hao

le lefatše ka bophara e be leruo la hao.

U tla li pshatla ka lere la tšepe,

u li thuhe joaloka pitsa ea letsopa.”

Joale he, lona likhosi, ipheng kelello,

ikeletseng, lõna babusi ba lefatše,

sebeletsang Morena ka tšabo,

le mo hlahisetseng tlhompho ka thothomelo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (14,1-6)

“Ke ‘na tsela, ‘nete le bophelo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: lipelo tsa lõna li se ke tsa ferekana. Lumelang ho Molimo, le ho ‘na le lumele. Ka tlung ea Ntate ho na le meaho e mengata.

Hojane ha ho joalo, nka be ke le boleletse, kahobane ke ea le lokisetsa tulo. ‘Me ha ke se ke ile ho le lokisetsa tulo ke tla khutla hape, ke le nkele ho ‘na, hore moo ke leng teng le lõna le be teng. Le tseba moo ke eang teng le tsela lea e tseba.

Thomas a re ho eena: Morena, ha re tsebe moo u eang teng. Tsela nka e tseba joang na? Jesu a re ho eena: Ke ‘na Tsela, ‘Nete le Bophelo. Ha ho motho ea tlang ho Ntate ha e se ka ‘na.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 ‘Mesa 2024

Read Next

La 27 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular