Vinkmag ad

La 25 ‘Mesa 2024

Beke ea 4 ea Paseka

Labone

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (13,13-25)

“Lesikeng la Davida Molimo o hlahiselitse Israele mopholosi e leng Jesu.”

Paulosi le bao a nang le bona ba kena sekepeng Pafose. Eaba ba fihla Perge e Pamfilia. Teng Joannes a khaohana le bona, a khutlela Jerusalema. Bona ba tloha Perge, ba fetela pele, ba tla Antiokia e Pisidia. Ka letsatsi la Sabbatha ba kena tlung ea thapelo, ‘me ba lula fatše.

Hoba ho baloe bukeng ea Molao le Mangolong a baprofeta, batsamaisi ba ntlo ea thapelo ba romela molaetsa ho bona, ba re: Banna ba habo rõna, ha eba le na le lentsoe la khothatso ho sechaba, buang. Eaba Paulosi oa ema, a phoka ka letsoho hore ho khutsoe, a re:

Banna ba Israele, le lona ba tšabang Molimo, mamelang! Molimo oa sechaba sa Israele o ile a khetha bo-ntat’a rona, ‘me a ba etsa sechabahali, ha ba ntse ba jakile Naheng ea Egepeta, a ba ntša ho eona ka letsoho le matla.

Ka lilemo tse mashome a mane a iphapanyetsa mekhoa ea bona feelleng. Hoba a timetse lichaba tse supileng Naheng ea Kanana, a ba etsa beng ba linaha tsa tsona ka lilemo tse ka bang makholo a mane le mashome a mahlano.

Ka morao ho tseo a ba neha Baahloli ho fihlela mehleng ea moprofeta Samuele. Joale ba ile ba ikopela khosi, ‘me Molimo a ba neha Saule, mor’a Kishe, monna oa leloko la Benjamine, ka lilemo tse mashome a mane. Eaba Molimo o’a mo lahla ‘me o beha Davida khosi ea bona. A mo paka, a re: Ke fumane Davida, mor’a Jesse, motho ea ratoang ke pelo ea ka, ea tla etsa thato eohle ea ka.

Lesikeng la Davida Molimo o hlahiselitse Israele mopholosi e leng Jesu, ka ho ea ka pallo ea hae. Pele Jesu a e-tla, Joannes o ile a ruta sechaba sohle sa Israele hlatsuo e bontšang pako. Eitse ha Joannes a atamela pheletso ea bophelo ba hae, a re: Ha ke eo le hopolang hore ke eena; empa ka morao ho ‘na ho tla tla eo ke sa tšoaneleng ho mo lokolla meqathatso maotong.

 

PESALEMA 88 (2-3.21-22.25.27. R. 2)

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAO KAMEHLA.

Morena, ke tla binela mohau oa hao ka mehla

ke tumise ‘nete ea hao

ho tloha molokong ho isa molokong.

Hobane u itse:

“Mohau oa ka o etselitsoe ho ba teng ka mehla,

‘nete ea ka e tiile joaloka maholimo.”

 

“Ke fumane Davida, mohlanka oa ka,

ka mo tlotsa ka oli e halalelang ea ka,

Ke tla mo tšehetsa ka letsoho la ka,

ke mo matlafatse ka sephaka sa ka.

 

‘Nete ea ka le mohau oa ka li tla mo thusa,

ka lebitso la ka o tla tsoha molota.”

O tla re ho ‘na: Ntate,

Molimo oa ka, lefika le mpholosang!

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (13,16-20)

“Ea amohelang eo ke tla mo roma o amohela ‘na.”

Hoba a qete ho hlatsoa maoto a barutuoa ba hae, Jesu a re ho bona: Lona le mpitsa Moruti le Morena, ‘me le nepile hobane ke eena. Joale ha ‘na, ke le Morena le Moruti, ke le hlatsoitse maoto, le lona le tšoanetse ho hlatsoana maoto. Ke le behetse mehlala, hore kamoo ke entseng ho lona kateng, le lona le etse joalo.

Ka ‘nete- nete, kea le bolella, mohlanka ha a moholo ho mong’a hae le leqosa ha le leholo ho ea le romileng. Ha le tsebile ‘nete ena, le tla ba lehlohonolo ha le e latela.

Ha ke bue joalo ka lona bohle. Ke tseba bao ke ba khethileng; empa e ka khona Mangolo a phethahale a reng: Ea jang bohobe le ‘na o tla nthaha ka serethe sa hae.

Ke le bolella e sa le joale, li e-s’o etsahale, hore ha li se li etsahetse, le tle le lumele hore ke ‘na Ea-leng teng. Ka ‘nete-nete kea le bolella, ea  amohelang eo ke tla mo roma o amohela ‘na; ‘me mang le mang ea nkamohelang o amohela Ea nthomileng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 ‘Mesa 2024

Read Next

La 26 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular