Vinkmag ad

La 24 ‘Mesa 2024

Beke ea 4 ea Paseka

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (12,24 -13,5)

“Nkhetheleng Barnabase le Saule.”

Matsatsing ao, Lentsoe la Molimo la tsoela pele ho nama le ho anela kahohle. Hoba Barnabase le Saule ba phethe mosebetsi oa bona, ba khutla Jerusalema, ba tla le Joannes ea bitsoang Mareka.

Kerekeng ena ea Antiokia, ho ne ho le teng baprofeta le baruti: e leng Barnabase, Simone ea bitsoang E Motšo, Lucius oa Kirene, Manaene, thaka ea Morena Heroda, le Saule.

Ha ba ntse ba le tšebeletsong ea Morena, ba itima lijo, Moea o Halalelang oa re: Nkhetheleng Barnabase le Saule, ke tl’o ba roma mosebetsing oo ke ba bilelitsèng oona. Eare hoba ba itime lijo ‘me ba rapele, ba ba beha matsoho ‘me ba ba lokolla.

Ha ba se ba romiloe joalo ke Moea o Halalelang, Barnabase le Saule ba theohela Seleukia; ba nt’o kena sekepeng ho ea tšelela sehleke-hlekeng sa Kipra. Hoba ba fihle Salamise, ba qala ho ruta Lentsoe la Molimo matlung a thapelo a Bajodi. Ba ne ba e-na le Joannes, motlatsi oa bona.

 

PESALEMA 66 (2-3.5-6.8. R. 4)

LICHABA LI KE LI U BOKE, UENA MOLIMO, LICHABA LI KE LI U BOKE.

Molimo a ke a re hauhele ‘me a re hlohonolofatse,

a re bontše sefahleho se elileng,

 

hore tsela ea hae e tle e tsejoe lefats’eng,

le pholoho ea hae lichabeng tsohle.

 

Lichaba li ke li u boke, uena Molimo,

Lichaba li ke li u boke!

Merabe e ke e thabe, e nyakalle,

hobane u busa lichaba ka toka, u tsamaisa merabe

lefatšeng lohle.

 

Lefatše le hlahisitse litholoana,

Morena Molimo oa rõna o re hlohonolofalitse.

Molimo a ke a re hlohonolofatse,

lefatše ka bophara ba lona le ke le mo tšabe!

 

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (12,44-50)

 

“Ke tlile lefatšeng ke le leseli.”

Ka nako eo, Jesu a hoa, a re: Ea lumelang ho ‘na ha a lumele ho ‘na, empa ho Ea nthomileng. ‘Me ea mponang o bona ea nthomileng. Ke tlile lefatšeng ke le leseli, hore mang le mang ea lumelang ho ‘na a se ke a lula lefifing. Ha eba e mong a utloa mantsoe a ka, empa a sa a boloke, ha se ‘na ea mo ahlolang; hobane ha kea tla ho tla ahlola lefats’e, empa e le ho pholosa lefatše.

Ea ‘nyelisang ‘me ea sa amoheleng mantsoe a ka o na le ea tla mo ahlola. Lentsoe leo ke le boletseng ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo, Hobane ‘na ha kea bua ka bo-‘na; empa Ntate ea nthomileng, ke eena ea ntaetseng seo ke tla se bolela le ho se bua. ‘Me ke tseba hore molao oa hae o isa bophelong bo sa feleng. Ka baka leo, tseo ke li bolelang, ke li bolela joaloka ha Ntate a mpoleletse tsona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 ‘Mesa 2024

Read Next

La 25 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular