Vinkmag ad

La 23 ‘Mesa 2024

Beke ea 4 ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (11,19-26)

“Ba bua le ho Bagereke, ha ba ruta tsa Morena Jesu.”

Matsatsing ao, bao ba neng ba qhalantsoe ke tlhoriso e bileng teng mehleng ea Stefane, ba ile ba tsamaea, ba fihla Fenikia, Kipra le Antiokia, ba sa phatlalletse motho Lentsoe la Molimo. Ha e se Bajodi feela. Leha ho le joalo, banna ba bang har’a bona ba tsoang Kipra le Kirene, eitse ha ba kena Antiokia ba bua le ho Bagereke, ba ba ruta tsa Morena Jesu. Letsoho la Morena la ba tšehetsa, ‘me bongata bo boholo ba lumela, ba sokolohela ho Morena.

Kereke e neng e le Jerusalema, ha e utloa taba eo, ea roma Barnabas ho ea Antiokia. Eitse ha a fihlile teng ‘me a bona mosebetsi oa mohau oa Molimo, a thaba ‘me a khothaletsa bohle ho tsoela pele ho khomarela ho Morena ka pelo tse tlileng; hobane e ne e le monna ea molemo, ea tletseng Moea o Halalelang le tumelo. ‘Me batho ba bangata ba inehela ho Morena.

Barnabas a ba a ea Tarse ho ea batla Saule. Hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ba lula ‘moho le ba kereke eo selemo kaofela, ‘me ba ruta sechaba se sengata. Ke hona Antiokia moo barutuoa ba qalileng ho bitsoa Bakriste.

 

PESALEMA 86 (1-7. R. Ps 116,1)

RORISANG MORENA LONA LICHABA TSOHLE.

Morena o thehile Sione thabeng e halalelang,

o rata likhoro tsa eona

ho feta metlotloane eohle ea Jakobo.

Tse tlotlehang li boleloa ka uena,

motse oa Molimo.

 

Har’a ba ntsebang, ke tla bala Egepeta le Babilone;

Filistia, Tire le Ethiopia,

Athe ka Sione ho tla thoe: Ke ‘m’a rõna;

hobane batho bohle ba tsoaletsoe ho eona

‘me Ea holimo-limo oa e tiisa.

 

Ha Morena a bala lichaba, o ngola tjena:

“Enoa o tsoaletsoe ho eona.”

Ba binang le ba hobelang ba tla re:

“Mothapo oa rõna o ho uena feela.”

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (10,22-30)

“Rona le Ntate re ntho e le ‘ngoe.”

Ka nako eo, mokete oa Khakolo oa e-ba teng Jerusalema. E ne e le mariha. Jesu o n’a itsamaela ka Tempeleng, mathuleng a Salomone. Eaba Bajodi baa ‘mokanela ‘me ba re ho eena: U tla re thinthintša hofihlela neng na? Ha eba u Kriste, u re bolelle phatlalatsa.

Jesu a araba, a re: Ke le boleletse, empa ha le lumele. Mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke eona e mpakang. Empa lõna ha le lumele, kahobane ha le linku tsa mohlape oa ka.

 

Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka; kea li tseba, ‘me tsona lia ntatela. Ke li fa bophelo bo sa feleng; li ke ke tsa timela le ka mohla, ‘me ha ho motho ea ka nkamohang tsona. Ntate ea ‘nehileng tsona o moholo ho feta bohle, ‘me ha ho ea ka mo amohang letho. Röna le Ntate re ntho e le ‘ngoe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 ‘Mesa 2024

Read Next

La 24 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular