Vinkmag ad

La 22 ‘Mesa 2024

 Beke ea 4 ea Paseka

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola, (11,1-18)

“Ke ‘na monyako oa linku.”

Matsatsing ao, baapostola le baena ba neng ba le Judea ba utloa hore le bona balichaba ba amohetse Lentsoe la Molimo. Eitse hoba Peterosi a fihle Jerusalema, bao e leng Bajodi ka tsoalo ba mo tsekisa ba re: U ile ua kena ha banna ba sa bollang, ua ba ua ja le bona ka baka la’ng na?

Eaba Peterosi o qala ho ba hlalosetsa litaba ka tlhahlamano, a re: Ke ne ke ntse ke rapela ke le motseng oa Joppe, ha ke tla hapeha ka moea, ke bone pono. Ntho e kang lesela le leholo, le lepeletsoang ka lintlha tse ‘ne tsa lona, ea theoha leholimong ‘me ea fihla ho ‘na. Ha ke sheba kahare, ka bona liphoofolo tse maoto a mane tsa lefatše, le linyamatsane, le lihahabi le linonyana tsa leholimo.

Hape, ka utloa lentsoe le reng ho ‘na: Peterosi, ema, u hlabe ‘me u je. Ka araba, ka re: Kea sitoa, Morena, hobane ha ho e-s’o be le ntho e ‘ngoe e litšila, e sa hloekang, e kenang ka hanong ho ‘na. Empa lentsoe la bolela la bobeli la re: Tseo Molimo a li hloekisitseng, u se ke ua re li litšila. Hona ha etsahala hararo, tsohle li busetsoa leholimong.

Ke ha banna ba bararo ba fihla pel’a ntlo eo ke neng ke le ho eona, ba e-tsoa Kaisaria, ba ronngoe ho ‘na. Eaba Moea o Halalelang o mpolella ho tsamaea le bona, ke sa lika-like. Joale ra ea Kaisaria le baena bana ba tšeletseng ba leng teng mona, ‘me ra kena ka tlung ea Korneliuse.

Eena a re bolella kamoo a neng a bone lenyeloi le eme ka tlung ea hae, le re ho eena: Romela Joppe, u late Simone ea bitsoang Peterosi; ke eena ea tla u bolella lipolelo tse tlang ho u isa pholohong, uena le ntlo ea hao kaofela.

Eare ke sa ntsane ke qala ho bua, Moea o Halalelang oa theohela ho bona, joaloka ho rõna qalehong. Ka ba ka hopola polelo ea Morena eo a e boletseng, a re: Joannes o ile a hlatsoa ka metsi empa lőna le tla hlatsuoa ka Moea o Halalelang. Ekare ha Molimo a ba file neho e le ‘ngoe le rõna ba lumetseng ho Morena Jesu Kriste, ‘na ke ne ke le mang, hore ke thibele Molimo?

Bao ha ba utloa tsena ba tlohela lipelaelo tsa bona, ‘me ba tlõtlisa Molimo, ba re: Ha ho le joalo, Molimo o file le balichaba pako e isang bophelong.

 

PESALEMA 41 (2-3, Ps 42,3-4. BJ. Ps 41,3)

MOEA OA KA O NYORETSOE MOLIMO, MOLIMO EA PHELANG.

Joaloka khama e laba-labelang metsi a phallang,

moea oa ka o laba-labela uena, Molimo oa ka.

Moea oa ka o nyoretsoe Molimo, Molimo ea phelang.

Ke tla ea hlaha neng pel’a Molimo?

 

Romela leseli le ‘nete ea hao ho ntsamaisa,

le ho nkisa thabeng e halalelang ea hao,

meahong ea hao,

Ke tla fihla aletareng ea Molimo,

Molimo eo e leng thabo ea ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (10,11-18)

“Molisa ea molemo o tella linku tsa hae bophelo ba hae.”

Ka nako eo, Jesu a re: Ka ‘nete-nete ke re ho lõna: Ea sa keneng lesakeng la linku ka monyako, a mpa a tlolela le hosele, eo ke lesholu le sesenyi. Athe ea kenang ka monyako, ke molisa oa linku. Eena molebeli oa monyako o ee a ‘mulele, ‘me linku li utloe lentsoe la hae; o bitsa linku tsa hae ka mabitso, a li ntšetse kantle.

Hoba a ntše linku tsohle tsa hae, o li etella pele ‘me linku li mo latele, hobane li tseba lentsoe la hae. Athe osele, ha li na ho mo latela, empa li tla ‘malehela, hobane ha li tsebe lentsoe la basele.

Jesu a ba bolella papiso ena, empa ha ba ka ba utloisisa seo a neng a ba bolella sona. Ka baka leo, Jesu a boela a re ho bona: Ka ‘nete-nete ke re ho lõna, Ke ‘na monyako oa linku. Bohle ba bang ba tlileng ke masholu le lisenyi; ‘me linku ha lia ka tsa ba utloa.

Ke ‘na monyako. Ekare ha motho a kena ka ‘na, o tla pholoha; o tla kena, a be a tsoe, ‘me o tla fumana makhulo. Ha ho ntho eo lesholu le e tlelang ha e se ho utsoa, ho bolaea le ho senya. ‘Na ke tlile hore linku tsa ka li be le bophelo ‘me li be le bona ka ho fetisisa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 ‘Mesa 2024

Read Next

La 23 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular