Vinkmag ad

La 20 ‘Mesa 2024

Beke ea 3 ea Paseka

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (9,31-42)

“Kereke e n’e matlafala, e n’e tletse tšeliso ea Moea o Halalelang.”

Matsatsing ao, Kereke e ne e lula ka khotso kahohle Judea le Galilea le Samaria, ‘me e ne e ntse e matlafala. E ne e phela tšabong ea Morena, ‘me e ne e hola e tletse ts’eliso ea Moea o Halalelang.

Ha etsahala hore, ha Peterosi a nts’a e-ea a etela balumeli bohle, a fihle ho ba ahileng Lidda. Moo a fumana motho ea bitsoang Enease, eo e neng e se e le lilemo tse robeli a robetse liphateng, a omeletse litho. Peterosi a re ho eena: Enease, Morena Jesu oa u folisa. Ema, u alole liphate tsa hao. ‘Me hang a ema. Bohle ba ahileng Lidda le Sharone ba ‘mona, ‘me ba sokolohela ho Morena.

Motseng oa Joppe ho ne ho le teng morutuoa oa mosali ea bitsoang Tabitha, ke ho re Dorkase ka Segereke. Mosali eo o n’a inehetse mesebetsi e molemo, ‘me o n’a etsa limpho tsa mohau tse ngata. Joale, matsatsing ao, a kula, a ba a shoa. Ba mo tolisa ‘me ba ‘meha kamoreng e kaholimo. Joppe e haufi le Lidda. Ha barutuoa ba Joppe ba utloa hore Peterosi o Lidda, ba romela banna ba babeli ho eena, ba mo rapela, ba re: Ak’u phakise, u tle ho röna!

Peterosi a tloha le bona ka ntle ho tika-tiko. Eitse ha a fihlile, ba mo isa kamoreng e kaholimo. Basali ba bahlolohali kaofela ba mo teela hare, ba ntse ba lla, ba ‘montša liaparo le likobo tseo Dorkase a neng a ba etselitse tsona ha a ntse a phela. Hoba bohle ba ntšetsoe kantle, Peterosi a khumama, a rapela; eaba o retelehela setopong, ‘me o re: Tabitha, tsoha!

Mofu a tutubolla mahlo, a bona Peterosi ‘me a lula. Peterosi a mo tšoara ka letsoho, a mo emisa, ‘me hoba a bitse balumeli le bahlolohali, a mo hlahisa ho bona a phela.

Mohlolo ona oa tuma motseng oa Joppe kaofela ‘me ba bangata ba lumela ho Morena.

PESALEMA 115 (12-17. R. 12)

KE TLA BUSELETSA MORENA JOANG BAKENG LÀ TSOHLE TSEO A NTHUSITSENG KA TSONA?

Ke tla buseletsa Morena joang

bakeng la tsohle tseo a nthusitseng ka tsona?

Ke tla nyehela senoelo sa pholoho,

ke rapele lebitso la Morena.

Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,

pel’a sechaba sohle sa hae.

Lefu la metsoalle ea Morena

ke ntho ea bohlokoa mahlong a hae.

Ke mohlanka oa hao, Morena,

ke mohlanka oa hao ruri,

mora oa lekhabunyane la hao.

U ntokolotse litlamong tsa ka.

Ke tla u nyehela sehlabelo sa teboho,

ke rapele lebitso la Morena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6,61-70)

“Re ka ea ho mang na? U na le mantsoe a bophelo bo sa feleng.”

Ka nako eo, barutuoa ba bangata ba Jesu ba re: Thuto ena e thata; ke mang ea ka e mamellang? Joale Jesu ka ho lemoha hore barutuoa ba hae ba luma-luma ka taba eo, a re ho bona:

Na hoo hõa le kukunela? Ha ho le joalo, le tla re’ng mohla le bonang Mor’a Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? Moea ke oona o phelisang; ha e le nama, eona ha e thuse letho. Polelo tseo ke le boleletseng tsona, ke moea ebile ke bophelo. Empa ba bang ba teng har’a löna ba sa lumeleng.

Efela Jesu o n’a hlile a tseba e sa le ho qaleng, hore na ke bo-mang ba sa lumeleng, le hore na ke mang ea tlang ho mo eka. A eketsa, a re: Ke ka baka leo ke le boleletseng hore ha ho motho ea ka tlang ho ‘na, ha e se ha a nehiloe joalo ke Ntate.

Ho tloha mohlang oo, barutuoa ba hae ba bangata ba mo qhalanela, ‘me ha ba ka ba hlola ba tsamaea le eena. Eaba Jesu o re ho ba leshome le metso e ‘meli: Ana le löna le rata ho tsamaea?

Simone Peterosi a mo araba, a re: Morena, re ka ea ho mang na? U na le mantsoe a bophelo bo sa feleng. Röna re lumetse ‘me re tsebile hore u Ea-Halalelang oa Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 ‘Mesa 2024

Read Next

La 22 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular