Beke ea 3 ea Paseka
Labone
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (8,26-40)
“Haeba u lumela ka pelo ea hao eohle, u ka hlatsuoa.”
Matsatsing ao, lenyeloi la Morena la bolella Filippi, la re: Tloha, u ee ka nqa ea Boroa, tseleng e theohang Jerusalema ho ea Gaza. Ha e na batho. A tloha, a kena tseleng. Joale monna e mong oa Ethiopia, eo e neng e le lehlahana, letona la mofumahali oa Ethiopia, Kandace, le molisa oa matlotlo a hae ‘ohle, o n’a ile Jerusalema ka leeto la thapelo. O n’a boela hâe, a palame kariki, a nts’a bala moprofeta Isaia.
Moea o Halalelang oa re ho Filippi: Phalla, u tšoare kariki eane. Filippi a mathela ho eona, a mo utloa a bala moprofeta Isaia, ‘me a re ho eena: Na ekaba u utloisisa seo u se balang? Eena a re: Nka utloisisa joang, ho se motho ea ntataisang? A kopa Filippi hore a hloe, a palame le eena.
Temana ea Mangolo eo a neng a e bala ke ena: o isitsoe hlabong joaloka nku: joaloka konyana e khutsitseng pel’a mokuti oa eona, ha a ka a ahlamisa molomo. Mohla a neng a nyenyefatsoa, ha hoa ka ha lateloa toka. Ana ke mang ea tla bolela leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tlositsoe lefatšeng.
Eaba lehlahana lena le bua le Filippi, le re: Ak’u mpolelle na moprofeta o bolela tsena ka mang: ke ka eena kapa ka e mong? Filippi a mo araba, a qala ka mantsoe ana a Mangolo, a mo ruta tsa Jesu.
Ha ba ntse ba tsamaea tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, ‘me lehlahana la re: Metsi ke ana. Ho ka nthibelang ho hlatsuoa ke’ng? Filippi a re: Ha eba u lumela ka pelo ea hao eohle u ka hlatsuoa. Eena a araba, a re: Ke lumela hore Jesu Kriste ke Mora oa Molimo. Eaba o emisa kariki.
Bobeli ba bona ba theohela metsing, Filippi le lehlahana lena, ‘me a le hlatsoa. Eitse ha ba tsoa metsing, Moea oa Morena oa nka Filippi, eaba lehlahana ha le sa ‘mona. La ikela ka tsela ea lona, le thabile.
Ha e le Filippi, a iphumana a se a le Azote, ‘me o n’a ruta lebitso la Morena Jesu Kriste metseng eohle eo a neng a feta ho eona ho ea fihla Cesarea.
PESALEMA 65 (8-9.16-17.20. R. 1)
ETSETSANG MOLIMO LITLATSE, LONA MAFATšE ‘OHLE.
Lõna lichaba, bokang Morena Molimo oa röna,
Thoriso ea hae e ke e lume ka hohle.
Ke eena ea re fileng bophelo,
Ea sa kang a tlohella maoto a rõna ho rerekela.
Lõna bohle ba tšabang Molímo, tloong, le utloe:
ke tla le phetela seo a nketselitseng sona.
Ka hoeletsa ho eena ka molomo oa ka,
ka mo phafa ka leleme la ka.
Ho bokoe Morena ea sa kang a nena thapelo ea ka,
‘me ea sa kang a ntima mohau oa hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6,44-52)
“Ke ‘na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong.”
Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: Ha ho motho ea ka tlang ho ‘na, ha e se ha Ntate ea nthommeng a ka mo hula. ‘Me ‘na ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Bukeng tsa baprofeta ho ngotsoe ho thoe: Bohle ba tla rutoa ke Molimo. Mang le mang ea utloang thuto ea Ntate, ‘me a ithuta eona, o tla ho ‘na. Ha ho e-s’o be motho ea kileng a bona Ntate, ka ntle ho ea tsoang ho Molimo: eena o bone Ntate.
Ka ‘nete- nete ke re ho lõna, ea lumelang ho ‘na o na le bophelo bo sa feleng. Ke ‘na bohobe ba bophelo. Bo-ntat’a löna ba ile ba e-ja manna feelleng, empa ba e-shoa. Bohobe bona ke bona bo theohileng leholimong, e le hore ea bo jang a se ke a shoa.
Ke ‘na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong. Ha motho a e-ja bohobe bona, o tla phela ka bosafeleng. ‘Me bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama ea ka, bakeng la bophelo ba lefats’e.
