Vinkmag ad

La 16 April 2024

Beke ea 3 ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (7,51-59)

“Morena Jesu, amohela moea oa ka.”

Matsatsing ao, Stefane a bolella sechaba, baholo le bangoli, a re: Lộna batho ba manganga, ba tletseng bohedene lipelong, ba sa batleng ho mamela, le hanyetsa Moea o Halalelang ka mehla! Le tšoana hantle le bo- ntata lona. Ke ofe moprofeta eo bo-ntat’a löna ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bolaile ba neng ba bolela ho tla ha ea lokileng, eena eo lõna le mo ekileng ‘me le ‘molaileng joale, lõna ba amohetseng Molao ka tšebetso ea manyeloi, empa ha lea o boloka.

Ha ba utloa tsena, ba tlokoma ke khalefo ka lipelong ‘me ba mo tšikitlanyetsa meno. Ha e le Stefane eena a tletse Moea o Halalelang, a talima leholimong; eaba o bona letlötlo la Molimo, le Jesu a eme ka ho le letona la Molimo. A re: Ke bona maholimo a phetlehile, le Mor’a motho a eme ka ho le letona la Molimo.

Eaba ba peroha, ba ithiba litsèbè, bohle hammoho ba mo rutlolohela, ba mo hulela ka ntle ho motse, ba mo tlepetsa ka majoe. Lipaki li ne li behile liaparo tsa tsona maotong a mohlankana ea bitsoang Saule. Ha ba ntse ba mo tlepetsa, Stefane o ne a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moea oa ka. A ba a khumama, a hooa ka lentsoe le phefa, a re: Morena, se ba behe molato oa sebe sena. ‘Me ho ba a rialo, a ithoballa Moreneng.

PESALEMA 30 (3-4.6-8.17.21. R. 6)

KE BEHA MOEA 0A KA MATSOHONG A HAO, MORENA.

U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona.

Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

ua ntsamaisa, u bile ua ntataisa

ho tlotlisa lebitso la hao.

Ke beha moea oa ka matsohong a hao;

ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.

Ha e le ‘na, ke tšepile uena.

Ke tla tlala nyakallo,

ke ithabele ka mohau oa hao.

Bontša mohlanka oa hao sefahleho se elileng,

u mpholose ka mohau oa hao.

U pata ba tšabelang ho uena

moo uena ka sebele u leng teng,

hole le maqiti a batho.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6,30-35)

“Ha se Moshe ea le nehileng bohobe bo tsoang leholimong, empa ke Ntate.”

Ka nako eo, batho ba re ho Jesu: Ke efe pontšo eo na? U tla etsa mohlolo ofe na? Bo-ntat’a rona ba ile ba e-ja manna feelleng, joaloka ha ho ngotsoe ho thoe: o ba file bohobe bo tsoang leholimong hore ba bo je!

Jesu a re ho bona: Ka ‘nete-nete, kea le bolella, ha se Moshe ea le nehileng bohobe bo tsoang leholimong. Hobane bohobe ba Molimo ke bona bo theohileng leholimong, bo fang lefatše bophelo.

Ba re ho eena: Morena u re fe bohobe bona ka mehla. Jesu a re ho bona: Ke ‘na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ‘na ha a sa tla lapa, le ea lumelang ho ‘na a ke ke a hlola a nyoroa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 ‘Mesa 2024

Read Next

La 17 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular