Vinkmag ad

La 15 ‘Mesa 2024

Beke ea 3 ea Paseka

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola.(6,8-15)

“Ba ne ba sitoa ho hanyetsa bohlale le Moea o Halalelang o neng o bua.”

Matsatsing ao, Stefane, ea neng a tletse mahlohonolo le matla, a etsa limakatso le mehlolo e meholo har’a sechaba. Ke moo ba bang ba phutheho e bitsoang ea Balokolohi le ea Ba-Kirene le ea Ba-Alexandria, le ba bang ba tsoang Kilikia le Asia, ba ileng ba ikemisetsa ho phehisana khang le Stefane. Empa ba ne ba sitoa ho hanyetsa bohlale le Moea o Halalelang o neng o bua ka eena.
Eaba ba reka banna ba bang, ba tle ba bolele, ba re: Re mo utloile a bua mantsoe a nyefolang Moshe le Molimo. Ka mokhoa ona ba luba sechaba, baholo le bangoli. Eaba ba tsometsa Stefane,ba mo tšoara ‘me ba mo tlisa ka lekhotleng.
Teng ba hlahisa lipaki tsa leshano, tse neng li re: Motho enoa ha a phetse ho bolela lipolelo tse loantšang Qalo e Halalelang le Molao. Re bile re mo utloile a re: Jesu eo oa Nazaretha o tla senya Qalo ena, ‘me o tla fetola meetlo eo Moshe a re nehileng eona.
Bohle ba neng ba lutse khotla ba tjamela Stefane, eo sefahleho sa hae se neng se shebahala eka ke sa lenyeloi.


PESALEMA 118 (23-24.26-27.29-30. F. 1)


HO LEHLOHONOL0 BA METSAMAO E SE NANG KOLI.


Esita leha mahosana a ka lulela ho nthera,
mohlanka oa hao o tla ‘ne a inahane ka thato ea hao.
Litemoso tsa hao ke tsona tse ntlhatsoang pelo,
thato ea hao ke eona e nkeletsang. 


Ke u boleletse tsa metsamao ea ka, ‘me u ananetse,
nthute thato ea hao.
Nthuse ho utloisisa tsela ea litaelo tsa hao,
ke tle ke inahane ka tse tsotehang tsa hao. 


Nqobise tsela ea thetso,
u ntšitse ka Molao oa hao.
Ke ikhethetse tsela ea botšepehi,
ke ipapisitse le likahlolo tsa hao. 


Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. 
(6,22-29)


“Le se ke la sebeletsa sejo se senyehang, le mpe e sebeletse se tla ‘ne se be teng le bophelong bo sa feleng.”

Ka le hlahlamang, bongata bo neng bo setse mose oane oa leoatle, ba lemoha hore ho ne ho e-na le sekepe se le seng feela mona ‘me Jesu ha a ka a kena ho sona le barutuoa ba hae, empa barutuoa ba itsamaela ba le bang.
Likepe tse ling tse tsoang Tiberiase tsa fihla lebopong, haufi le sebaka seo ba neng ba jele bohobe ho sona, hoba Morena a lebohe. Eare ha bongata bo bona hore Jesu ha a eo mona, leha e le barutuoa ba hae, ba kena likepaneng ‘me ba tla Kafarnauma, ba ntse ba batla Jesu. ‘Me ha ba mo fumana mose ho leoatle, ba re ho eena: Moruti u tlile neng moo? 
Jesu a araba, a re ho bona: Ka ‘nete-nete, kea le bolella, lea mpatla, e seng hobane le bone mohlolo, empa e le hobane le jele mahobe ‘me la khora. Le se ke la sebeletsa sejo se senyehang, le mpe le sebeletse se tla ‘ne se be teng le bophelong bo sa feleng, seo Mor’a Motho a tla le fa sona. Hobane ke eena eo Ntate a mo tšoaileng.
Eaba ba re ho eena: Re tla etsa joang hore re sebetse mesebetsi ea Molimo na? Jesu a araba, a re ho bona: Mosebetsi oa Molimo, ke hore le lumele ho eo a mo romileng.

 

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 ‘Mesa 2024

Read Next

La 16 April 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular