Beke ea 2 ea Paseka
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (6,1-7)
“Ba khetha banna ba supileng ba tletseng Moea o Halalelang.”
Tšiung tsena, ha bongata ba barutuoa bo ntse bo eketseha, Bagereke ba korotlela Baheberu, ba re bahlolohali ba bona ha ba natsoe phomosetsong ea tsatsi le leng le le leng.
Eaba ba leshome le metso e ‘meli ba bitsa barutuoa bohle ‘me ba re: Ha hoa re lokela hore re tlohele Lentsoe la Molimo ho abela batho lijo. Ka baka leo, lona bana babo rona, khethang banna ba supileng har’a lona, ba botumo bo botle, ba tletseng Moea o Halalelang le bohlale, bao re ka ba behang mosebetsing ona. Ha e le rona, re tla inehela thapelo le tšebeletso ea lentsoe feela.
Bohle ba ile ba khahloa ke polelo eo ‘me ba khetha Stefane, monna ea tletseng tumelo le Moea o Halalelang, Filippi Prokore, Nikanore, Timone, Parmenase le Nikolase mosokolohi oa Antiokia. Ba ile ba ba hlahisa ho baapostola ba ileng ba ba beha matsoho ka thapelo. Lentsoe la Molimo la nama ‘me palo ea barutuoa ea ngatafala haholo Jerusalema; esita le sehlopha se seholo sa baprista sa inehela tumelo.
PESALEMA 32 (1-2.4-5.18-19. R. 22)
MOHAU OA HAO, MORENA, O KE O BE HOLIM’A RONA, JOALOKA HA RE U TšEPILE.
Etsetsang Morena litlatse, lona ba lokileng,
ba lokelang ho mo rorisa ke ba pelo li ntle,
Bokang Morena ka harepa,
le mo letsetse cithara.
Hobane Lentsoe la Morena ke la ‘nete.
le mesebetsi eohle ea hae e tiile.
O rata toka, o hloka leeme,
lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.
Mahlo a Morena a holim’a ba mo tšabang,
ba tšepileng mohau oa hae,
hore a ba phemise lefu,
a ba baballele bophelo nakong ea tlala.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6,16-21)
“Ba bona Jesu a nts’a tsamaea holima metsi.”
Eare ha e se e le mantsiboea barutuoa ba Jesu ba theohela leoatleng, ba kena sekepeng ‘me ba tšelela Kafarnauma, mose ho leoatle. Ho n’o s’o le lefifi, ‘me Jesu o n’a e-s’o fihle ho bona. Eaba ho foka moea o moholo, ‘me leoatle la etsa maqhubu.
Ha ba sokile sebaka sa listadia tse mashome a mabeli kapa a mararo, ba bona Jesu a s’a fihla haufi le sekepe, a nts’a tsamaea holim’a metsi, ‘me ba tšoha. Empa eena a re ho bona: Ke ‘na, se tšabeng! Eaba ba rata ho mo nkela ka sekepeng, empa hang sekepe sa bona sa fihla lebopong leo ba le lebileng.
