Vinkmag ad

La 12 ‘Mesa 2024

Beke ea 2 ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (5,34-42)

“Baapostola ba tloha ba nyakaletse, hobane ba ile ba fumanoa e le ba tšoanelang ho jara sekhobo ka baka la lebitso la Jesu.”

Matsatsing ao, Mofarisi e mong, ea bitsoang Gamaliele, moruti oa molao ea hlonepshoang ke sechaba sohle, a ema har’a lekhotla ‘me a laela hore baapostola ba ntšetsoe kantle ho se hokae; eaba o re ho banna ba lekhotla; Banna ba Israele, itlhokomeleng ho seo le tla se etsa ho batho bana. Hobane litsiung tse fetileng họ ile ha hlaha Theudase, ea neng a re ke motho ea itseng, ‘me banna ba ka bang makholo a mane ba re ka eena.

A bolaoa, ‘me balateli bohle ba hae ba qhalana, ba nyamela. Ka morao ho eo, ha hlaha Judase oa Galilea, mehleng ea ha ho baloa batho, ‘me a hulanya sechaba ka morao ho eena. Le eena a timela ‘me balateli bohle ba haę ba qhalana.

Ka baka leo ke re ho lõna joale: Khaohanang le banna bana, le ba tlohele. Hobane, ha eba morero kapa mosebetsi oa bona o tsoa ho batho, o tla senyeha. Empa ha eba o tsoa ho Molimo le ke ke la o felisa, ‘me le ka tšoha le loantša Molimo.

Ba amohela keletso ena. Eaba ba bitsa baapostola, ‘me hoba ba ba shape, ba ba laela hore ba se ke ba bua ka lebitso la Jesu le hanyenyane, ba nt’o ba lokolla.

Ha e le bona ba tloha khotla ba nyakaletse, hobane ba ile ba fumanoa e le ba ts’oanelang ho jara sekhobo ka baka la lebitso la Jesu. ‘Me ba ne ba sa phetse ho ruta Tempeleng le matlung a batho ka matsatsi “ohle, ba bolela Jesu Kriste.

PESALEMA 26 (1.4.13-14. R. 4)

SEO FEELA KE SE KOPANG HO MORENA, KE HO LULA TLUNG EA MORENA.

Morena ke leseli la ka le pholoho ea ka,

nka tšaba mang?

Morena ke tšireletso ea bophelo ba ka,

nka tšosoa ke mang?

Seo feela ke se kopang ho Morena,

seo ke se labalabelang,

ke ho lula tlung ea Morena

matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka,

hore ke tle ke bohe botle ba Morena,

‘me ke ‘matle Tempeleng e halalelang ea hae.

Ke kholoa ruri hore ke tla bona molemo oa Morena

lefatšeng la ba phelang.

Tšepa Morena, u tšoare u tiee

beta pelo, u tšepe Morena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6,1-15)

“Jesu a abela ba lutseng fatše, kamoo ba neng ba hloka kateng.”

Ka nako eo, Jesu a tšelela mose oane ho leoatle la Galilea ke hore la Tiberiase. Letšoele le leholo le ne le mo latela, kahobane ba ne ba bone lipontšo tseo a li etsang ho bakuli. Jesu a nyolohela thabeng a fihla a lula fatše le barutuoa ba hae. Paseka, mokete oa Bajodi e ne e le haufi.

Eitse ha Jesu a phahamisa mahlo, a bona hore letšoele le leholo le tla ho eena, a re ho Filippi: Ekaba re tla reka bohobe hokae hore batho bao ba je na? O n’a rialo ka ho mo nonya, hobane eena o n’a tseba seo a tla se etsa.

Filippi a araba, a re: Bohobe ba lidenare tse makholo a mabeli bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengoathoana. E mong oa barutuoa, e leng Andreas, ngoan’abo Simone Peterosi, a re ho Jesu: Moshanyana o teng mona ea nang le mahobe a mahlano a harese le lihlapi tse peli, empa hoo ke’ng bakeng la batho ba bangata hakalo na?

Jesu a re: E-reng batho ba lule fatše. Joang bo ne bo le bongata qalong eo. Banna ba lula fatše; e ne e ka ba likete tse hlano ka palo. Eaba Jesu o nka mahobe, ‘me eare hoba a lebohe, a abela ba lutseng fatše, a ba a etsa joalo le ka lihlapi, kamoo ba neng ba hloka kateng.

Eitse ha ba khotše, a re ho barutuoa ba hae: bokellang marathana a setseng, hore ho se ke ha eba letho le senyehang. Ba a bokella, ‘me ba tlatsa liroto tse leshome le metso e meli ea marathana a mahobe a mahlano a harese a setseng hoba batho ba je.

Ha ba bona pontšo eo Jesu a neng a tsoa e etsa, batho ba re: Ka ‘nete enoa ke eena moprofeta eane eo ho itsoeng o tla tla lefatšeng. Jesu ka ho tseba hore ba tla tla mo nka ka matla ho mo etsa morena, a boela a balehela thabeng a inotši.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 ‘Mesa 2024

Read Next

La 13 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular