Vinkmag ad

La 11 ‘Mesa 2024

Beke ea 2 ea Paseka

Labone

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola.(5,27-33)

“Rona re lipaki tsa litaba tsena, rona le Moea o Halalelang.”

Matsatsing ao, ha bahlanka ba tlisitse baapostola, ba ba kenya khotla, ‘me moprista e moholo a ba botsa, a re: Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso la motho eo. Athe le se le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lona, ‘me le rata ho tlisa mali a hae holim’a rona.

Peterosi le baapostola ba araba, ba re: E ka khona ho mameloe Molimo ho feta batho. Molimo oa bo-ntat’a rona o tsositse Jesu bafung, eo le ‘molaileng ka ho mo fanyeha sefateng. Molimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona, e tle e be motsamaisi le mopholosi ea tla neha Israele pako le tšoarelo ea libe. ‘Me rona re lipaki tsa litaba tsena, rona le Moea o Halalelang oo Molimo a o nehileng bohle ba mo mamelang.

PESALEMA 33 (2.9.17-20.7)

MOHLOKI KE EO A HOELETSA, MORENA A MO UTLOA.

Ke tla boka Morena ka nako tsohle,

molomo oa ka o tla mo roka ka mehla.

Lemohang ‘me le bone hore Morena o molemo;

ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena.

Sefahleho sa Morena se halefetse ba etsang bobe,

ho ba hlakola lefatšeng hore ba se hlole ba hopoloa.

Ha ba lokileng ba hoeletsa, Morena oa ba utloa;

o ba ntša matšoenyehong ‘ohle a bona.

Morena o haufi le ba pelo li matetetso,

o pholosa ba meea e imetsoeng.

Litsietsi tsa ea lokileng ke tsa mefuta-futa;

empa Morena o mo inola ho tsona kaofela.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (3,31-36)

“Ntate o rata Mora ‘me o behile tsohle matsohong a hae.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Nikodema: Ea tsoang holimo o ka holimo ho bohle, Ea tsoang lefatšeng ke oa lefatše, ‘me o bua tsa lefatše. Ea tsoang leholimong o ka holimo ho bohle; ‘me seo a se boneng le seo a se utloileng, oa se paka; empa ha ho motho ea amohelang bopaki ba hae.

Ea amohelang bopaki ba hae o tiisa hore Molimo o na le ‘nete. Eo Molimo a mo romileng o bua mantsoe a Molimo, ea mo fang Moea oa hae ka botlalo. Ntate o rata Mora ‘me o behile tsohle matsohong a hae. Ea lumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; empa ea sa lumeleng ho Mora a ke ke a ba le bophelo, ‘me khalefo ea Molimo e lula holim’a hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 ‘Mesa 2024

Read Next

La 12 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular