Vinkmag ad

La 10 ‘Mesa 2024

Beke ea 2 ea Paseka

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (5,17-26)

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (5,17-26)

“Banna bao le neng le ba kentse chankaneng ba eme ka Tempeleng, ba ruta sechaba.”

Matsatsing ao, moprista e moholo le bohle ba eang le eena, e leng ba thuto e khelohileng ea Basadduke, ba tlala mohono. Eaba ba tšoara baapostola ‘me ba ba kenya chankaneng ea motse.

Empa lenyeloi la Molimo la bula monyako oa chankana bosiu, la ba ntša, la re: E-eang, le eme ka Tempeleng ‘me le bolelle sechaba tsohle tse amanang le bophelo bona bo bocha. Bona ba phetha taelo ena, ba kena ka Tempeleng e sa le hosasa ‘me ba qala ho ruta.

Joale moprista e moholo le ba eang le eena ba fihla, ba phutha lekhotla, ba mema baholo bohle ba bana ba Israele, ‘me ba romela chankaneng ho ea lata baapostola. Empa ha bahlanka ba fihla, ba bula chankana, ba se ke ba ba fumana. Ba khutla, ba bolela, ba re: Ka ‘nete re fumane chankana e koetsoe ka makhethe ‘ohle, le balebeli ba eme monyako: empa ha re bula, ra fumana ho se motho kahare.

Ha molaoli oa Tempele le baprista ba baholo ba utloa sena, ba tsieleha ka baapostola, ba ipotsa hore na ho hlahile eng. Ke ha motho a fihla, a re: Helang! Banna bao le neng le ba kentse chankaneng ba eme ka Tempeleng, ba ruta sechaba.

Eaba molaoli o ea le bahlanka ‘me oa ba tlisa, empa e seng ka kharametso, hobane ba ne ba tšaba ho tlepetsoa ka majoe ke sechaba.

PESALEMA 33 (2-9. R. 7)

MOHLOKI KE EO A HOELETSA, MORENA A MO UTLOA.

Ke tla boka Morena ka nako tsohle,

molomo oa ka o tla mo roka ka mehla.

Moea oa ka o ithorisa ka Morena,

Ba hlophehileng ba ke ba utloe, ba be ba thabe. 

A re tlotliseng Morena, rõna bohle,

bohle a re phafeng lebitso la hae hammoho.

Ke batlile Morena, ‘me a nkaraba;

a ba a mpholosa matsoalong ‘ohle a ka.

Mo talimeng, ‘me lifahleho tsa lõna li tla khanya,

le ke ke la hlajoa ke lihlong.

Mohloki ke eo a hoeletsa; Morena a mo utloa,

‘me a mo pholosa litlallong tsohle tsa hae.

Lenyeloi la Morena le larile haufi le ba mo tšabang,

hore le tle le ba thusetse.

Lemohang ‘me le bone hore Morena o molemo;

ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (3,16-21)

“Molimo o ile a romela Mora oa hae hore lefatše le pholosoe ka eena.”

Molimo o ratile lefatše haholo, hoo a bileng a fana ka Mora a inotši oa hae, e le hore bohle ba lumelang ho eena ba se ke ba timela, ba mpe ba be le bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo ha a ka a romela Mora oa hae ho ahlola lefatše, empa o mo rometse hore lefatše le pholosoe ka eena.

Ea lumelang ho eena ha a ahloloe: athe ea sa lumeleng o s’a nts’a ahlotsoe, hobane ha a lumele ho Mora a inotši oa Molimo. Joale kahlolo ke ena: Leseli le tlile lefatšeng, empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli, hobane mesebetsi ea bona e n’e le mebe.

Efela bohle ba etsang tse mpe ba hloile leseli ‘me ha ba hlahelle leseling, esere mesebetsi ea bona ea totobala. Athe ea tsamaeang ‘neteng o hlahella leseling hore ho bonahale hore mesebetsi ea hae e etsetsoa Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 ‘Mesa 2024

Read Next

La 11 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular