Vinkmag ad

La 1 ‘Mesa 2024

Beke ea Paseka

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (2,14.22-32)

“Jesu enoa, Molimo o ile a mo tsosa, rona kaofela re lipaki tsa tsoho ea hae.”

Ka letsatsi la Pentekonta, Peterosi a ema, a e-na le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentsoe, a bua le batho, a re: Banna ba Judea, utloang lipolelo tsena. Jesu oa Nazaretha e bile monna ea pakiloeng ke Molimo har’a lona, ka mehlolo le limakatso tseo Molimo a li entseng ka eena har’a lona, kamoo le lõna le tsebang kateng. Monna eo le ‘molaile ka ho mo thakhisa ka matsoho a ba khopo, hoba a neheloe ka morero o tiileng le ka ho tseba e sa le pele hoa Molimo. Empa Molimo a mo tsosa, a mo lokolla mahlokong a Qalo-ea bafu, etsoe ho no ho se kamoo a ka bang matleng a eona.

Davida o n’a bua ka eena, ha a re: Ke ne ke bona Morena pel’a mahlo a ka ka mehla, hobane o ka letsohong la ka le letona, e se re ka sisinngoa. Ka baka leo pelo ea ka e thabile, le leleme la ka le bua ka nyakallo; hape le oona ‘mele oa ka o tla phomola ka tšepo; hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka Qalong-ea-bafu, ‘me u ke ke ua lumela hore Ea halalelang oa hao a utloe ho bola. U mpontšitse tsela ea bophelo, ‘me boteng ba hao bo tla nthabisa.

Banna ba heso, ntumelleng ke le bolelle phatlalatsa moholo oa rona Davida, hore o ile a shoa, a ba a patoa, ‘me lebitla la hae le har’a rona ho fihlela letsatsing la kajeno.

Empa e re ka ha e ne e le moprofeta, ‘me a tseba hore Molimo o mo hlapanyelitse ka kano hore e mong oa litloholo tsa hae o tla lula teroneng ea hae, Davida o n’a bua ka tsoho ea Kriste le ka ho profeta, ha a bolela hore ha a ka a tloheloa Qalong-ea-bafu ‘me ‘mele oa hae ha oa ka oa utloa ho bola. Jesu eo, Molimo o mo tsositse bafung; rona kaofela re lipaki tsa tsoho ea hae.

PESALEMA 15 (1-2.5.7-11. R. 1)

AK’U MPABALLE, MORENA, HOBANE KE TŠABELA HO UENA.

Ak’u mpaballe, oho Molimo,

Ke itse ho Morena: “Ke uena Moren’a ka.

hobane ke tšabela ho uena.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.”

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena ka mehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

Ka hona pelo ea ka e tletse thabo,

le oona ‘mele oa ka o tla lula o phutholohile.

Hobane u ke ke ua ntlohella Qalong-ea-bafu,

u ke ke ua lumella hore motsoalle oa hao

a latsoe ho bola.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho eena,

le nyakallo e sa feleng,

e fuoang ba lulang pel’a hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (28,8-15)

“Le bolelle bana beso hore ba ee Galilea. Ba tla mpona teng.”

Ka nako eo, basali ba phakisa ba tloha lebitleng ba tšohile empa le teng ba thabile haholo; ba matha họ ea tsebisa barutuoa ba hae. Ha ba ntse ba matha joalo, Jesu a ba khahlanyetsa, a re: Lumelang! Ba atamela, ba mo tšoara maoto, ba mo khumamela. Eaba Jesu o re ho bona: Se tšabeng! E-eang, le bolelle bana beso hore ba ee Galilea. Ba tla mpona teng.

Eitse ha basali ba tsamaile, masole a mang a neng a lebetse lebitla a tla motseng ‘me a tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng. Bona hoba ba phuthehe le ba baholo, ba rera le bona ‘me ba fa masole chelate e ngata, ba a laela, ba re: Le tla re barutuoa ba hae ba tlile bosiu ‘me ba mo utsoitse ha re robetse, ‘me ha ‘musi a ka utloa hona, re tla mo kholisa, re le phemise likhathatso. Eaba masole a nka chelete ‘me a etsa joaloka ha a rutiloe. Polelo eo e hasantsoe har’a Bajodi ho fihlela letsatsi la kajeno.

Vinkmag ad

Read Previous

CBL ke mohloli

Read Next

La 2 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular