Vinkmag ad

La 30 Tlhakubele 2024

LABOTšELELA LE HALALELANG

Ho baloa Bukeng ea Genese.      (1,1-2,2)

“Molimo a bona tsohle tseo a li entseng, ‘me ho ne ho lokile haholo.”

Qalehong Molimo o ile a bopa leholimo le lefatše. [Lefatše le ne le le feela, le se na letho, lefifi le aparetse boliba, ‘me Moea oa Molimo o n’o foka holim’a metsi. Molimo a re: Leseli a le be teng. ‘Me leseli la e-ba teng. Molimo a bona hore leseli le lokile, ‘me Molimo a arola leseli ho lefifi. Molimo a bitsa leseli nyene, le lefifi bosiu. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la pele.

Molimo a re: ho be le sebaka se tiileng pakeng tsa metsi, ‘me se arole metsi ho metsi. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a etsa sebaka se tiileng, se arolang metsi a ka tlase ho sebaka seo, ho metsi a ka holimo ho sona, ‘me Molimo a reha sebaka seo leholimo. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la bobeli.

Molimo a re: Metsi a ka tlase ho leholimo a bokane nqa e le ‘ngoe, ‘me ho hlahe ho ommeng. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a bitsa ho ommeng lefatše, le pokello ea metsi a e bitsa maoatle. Molimo a bona hore ho lokile. Molimo a re: Lefatše a le hlahise botalana, majoang a behang lipeo, le lifate tsa litholoana tse nang le peo.

Lefatše la melisa botalana, majoang a behang lipeo ka mefuta ea ‘ona le lifate tsa litholoana tse nang le peo. Molimo a bona hore ho lokile. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la boraro.

Molimo a re ho be teng maseli holimo sebakeng, ho arola nyene le bosiu, ho bontša linako, matsatsi le lilemo. E be maseli a holimo sebakeng, a khantšetsang lefatše. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a etsa maseli a mabeli a maholo: leseli le leholo le tla laola nyene le leseli le lenyenyane le tla laola bosiu; a etsa le linaleli. Molimo a li beha holimo sebakeng, ho khantšetsa lefatše, ho laola nyene le bosiu, ho arola leseli ho lefifi. Molimo a bona hore ho lokile. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la bone.

Molimo a re: Metsing ho nyeunye boieane ba lintho tse phelang, ‘me linonyana li fofe holim’a lefatše, sebakeng. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a bopa likhanyapa tse kholo tsa maoatle le lintho tsohle tse phelang, tse sesang, tse nyeunyang ka metsing, ka mefuta ea tsona, le linonyana tsohle, ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho lokile. Molimo a li hlohonolofatsa, a re: Atang, le ngatafale, le tlale metsing a leoatle, ‘me le linonyana li ngatafale lefats’eng. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la bohlano.

Molimo a re: Lefatše le hlahise lintho tse phelang, ka mefuta ea tsona: liphoofolo tse ruiloeng, lihahabi le liphoofolo tse hlaha, ka mefuta ea tsona. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a etsa liphoofolo tse hlaha ka mefuta ea tsona, liphoofolo tse ruiloeng, ka mefuta ea tsona, le tsohle tse hahabang fatše, ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho lokile.

Molimo a re: A re etseng motho ka setšoantšo sa rona le ka tšoano le rona, a rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo, liphoofolo tse ruiloeng, liphoofolo tse hlaha le lihahabi tsohle tse hahabang fatše. Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bopa ka setšoantšo sa Molimo, a ba bopa e le e motona le e motsehali. Molimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: Atang le ngatafale, le tlale lefatše, le le buse, le rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo le tsohle tse phelang tse hahabang fatše.

Molimo a re: Ke le file majoang ohle a beang lipeo a ka bophara ba lefatše lohle, le lifate tsohle tse behang litholoana tse nang le peo, hore  e be lijo tsa lona. Ha e le liphoofolo tsohle tse hlaha, linonyana tsohle tsa leholimo, tsohle tse hahabang fatše, tse nang le phefumoloho ea bophelo, ke li file litlama-tlama tsohle tse tala hore e be lijo tsa tsona. ‘Me ha e-ba joalo.

Molimo a bona tsohle tseo a li entseng, ‘me ho ne ho  lokile haholo. [Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la botšelela.

Leholimo le lefatšše tsa phethahala joalo, hammoho le makhotla ohle a tsona. Ka letsatsi la bosupa, Molimo a phethahatsa mosebetsi oo a o entseng, ‘me ka letsatsi lena la bosupa a phomola mosebetsing ohle oo a o entseng.]

PESALEMA 103 (1-2.5-6.10.12-14.24.35. R7. 30)

ROMELA MOEA OA HAO, MORENA, ‘ME U NCHAFATSE SEBOPEHO SA LEFATšE.

Boka Morena, moea oa ka!

U moholo hakakang, Morena, Molimo oa ka,

u apere botlotlehi le khanya.

U ipopa ka leseli se ka kobo,

u phutholla maholimo joaloka tente.

U tsitsisitse lefatše holim’a motheo oa lona,

hore le se sisinyehe ka mengoaha le mengoaha.

U le koahetse ka maliba se ka seaparo,

metsi a n’a phahametse esita le lithaba.

U laela liliba ho phallela likhohlong,

li mathe pakeng tsa lithaba.

Linonyana tsa leholimo li hahela pel’a tsona,

li letsa meloli makaleng a lifate.

U noesetsa lithaba, u le qalong e phahameng ea hao,

lefatše u le fepa litholoana tsa e mesebetsi hao.

U melisetsa liphoofolo joang,

Le motho lijalo tseo a li lemang.

E mengata hakakang mesebetsi ea hau, Morena,

tsohle o li entse ka bohlale.

Lefatše le tletse libopuoa tsa hau.

Boka Morena moea oa ka!   

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (16,1-8)

“Jesu oa Nazaretha ea neng a thakhisitsoe o tsohile.”

Ha Sabbatha se se se fetile, Maria Magdalena, Maria ‘m’a Jakobo, le Salome ba reka linoko, ho ea tlotsa setopo sa Jesu. E sa le hoseng, tsatsing la pele la beke, ba ea lebitleng ha le chaba. Ba ne ba buisana, ba re: Ke mang ea tla re ribollela lejoe le monyakong oa lebitla na?

Eare ha ba talima, ba bona lejoe le se le ribolotsoe; le ne le le leholo haholo. Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana ea lutseng ka ho le letona, a apere seaparo se sesoeu, ‘me ba tšoha haholo.

Empa eena a re ho bona: Se tšoheng! Le batla Jesu oa Nazaretha, ea neng a thakhisitsoe: O tsohile, ha a eo mona. Bonang qalo eo ba neng ba ‘mehile ho eona. Ha e le lona e-eang, le bolelle barutuoa ba hae le Peterosi hore o le etella pele ho ea Galilea; ke moo le tla ‘mona teng, joaloka ha a le boleletse.

Ba tsoa lebitleng, ba baleha, ka ha ba ne ba thothomela ke tšabo, ‘me ha ba ka ba bolella motho letho, ka baka la ho tš4oha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Tlhakubele 2024

Read Next

Morafo o khutlisetsa sechabeng

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular