Vinkmag ad

La 28 Tlhakubele 2024

Labone le Halalelang

Selallo sa Morena

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (12, 1-8.11-14)

Litaelo mabapi le lijo tsa Paseka.

Matsatsing ao, Morena a bua le Moshe le Aarone, naheng ea Egepeta, a re: Khoeli ena e tla ba ho lona khoeli ea ho qala; e tla ba eona ea pele likhoeling tsa selemo. Bolellang phutheho eohle ea bana ba Israele, le re ho bona: Ka la leshome khoeling ena, e mong le e mong a batlele lelapa la hae konyana, e be konyana e le ‘ngoe tlung e ‘ngoe le e ‘ngoe. Ha eba lelapa le se na palo e lekaneng ho qeta konyana eo, ba tla mema baahisani ba haufi le bona, ho etsa palo e lekaneng ea batho ho e qeta. E ka khona konyana eo e be e se nang sepha, e tona, ea selemo se le seng; Le tla khetha konyana kapa potsanyane.

Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ena; ‘me le tla e hlaba ka shoalane, ha phutheho eohle ea bana ba Israele e bokane hammoho. Ba tla nka mali a eona, ‘me ka ‘ona ba tlotse likosene tse peli tse mahlakoreng le tse ka holimo ho monyako, matlung ao e tla jeloa ho ‘ona. Bosiung bona boo, ba tla ja nama ea eona e besitsoe, hammoho le mahobe a sa lomosoang le meroho ea naha. Le tla e ja ka mokhoa ona: Le tla itlama matheka, le roale meqathatso maotong, le tšoare lere letsohong, ‘me le e je ka potlako; hobane ke Paseka bakeng la Morena.

Bosiung bona boo, ke tla haola Naha ea Egepeta, ke otle matsibolo kaofela Naheng ea Egepeta, leha e le a batho kapa a liphoofolo. ‘Na Morena ke tla ahlola melimo eohle ea Egepeta. Mali matlung a lona e tla ba pontšo ea boteng ba lona. Etlare ha ke bona mali, ke tla le feta, ‘me lona le tla phonyoha lefu le timetsang, ha ke otla Naha ea Egepeta.

Le tla etsa khopotso ea letsatsi lena; le tla etsa mokete oa lona, le ketekele Morena. Melokong eohle ea lona e be mokete oa molao ka mehla.

PESALEMA 115 (12-13.15-18. R. I Kor 10, 16)

SENOELO SA HLOHONOLOFATSO SEO RE SE HLOHONOLOFATSANG KE KABELO MALING A KRISTE.

Ke tla buseletsa Morena joang

bakeng la tsohle tseo a nthusitseng ka tsona?

Ke tla nyehela senoelo sa pholoho,

ke rapele lebitso la Morena. 

Lefu la metsoalle ea Morena

ke ntho ea bohlokoa mahlong a hao.

Ke mohlanka oa hao, Morena,

ke mohlanka oa hao ruri,

mora oa lekhabunyane la hao.

Ke tla u nyehela sehlabelo sa teboho,

ke rapele lebitso la Morena.

Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,

pel’a sechaba sohle sa hao.

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (11, 23-26)

“Neng kapa neng ha le e-ja bohobe bona ‘me le e-noa senoelo sena, ke lefu la Morena leo le le bolelang.”

Bana beso! Ke amohetse ho Morena seo le ‘na ke le nehileng sona. Morena Jesu bosiung boo a neng a ekoe ka bona, o ne a nke bohobe, eare hore a lebohe, a bo ngoatha, a re: Hona ke ‘mele oa ka o tla neheloa ka baka la lona; etsang hona ka ho nkhopola. Ka mokhoa o joalo eare hoba a je, a nka senoelo, a re: Senoelo ke selekane se secha se tiisoang ke mali a ka: neng kapa neng ha le se noa, le etse joalo ka ho nkhopola. Joale, neng kapa neng ha le e-ja bohobe bona ‘me le e-noa senoelo sena, ke lefu la Morena leo le le bolelang, ho fihlela a e-tla.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (13, 1-15)

“Jesu o ile a ba rata ho isa qetellong.”

Pele ho Mokete oa Paseka, Jesu, ka ho tseba hore nako ea hae e fihlile eo a tla tloha lefatšeng ka eona ho ea ho Ntat’ae, kaha a n’a ratile ba hae ba lefatšeng, o ile a ba rata ho isa qetellong.

Eare ha ba le lijong, diabolosi a se a kentse pelong ea Judas Iskariota mor’a Simone, morero oa ho mo eka, Jesu, ka ho tseba hore Ntat’ae o mo nehile tsohle matsohong, le hore o tsoile ho Molimo ‘me o boela ho Molimo, a tlohela ho ja, a ema, a hlobola setipe sa hae, a nka lesela ‘me a itlama ka lona thekeng. Eaba o tšela metsi sekotlolong, ‘me a qala ho hlatsoa maoto a barutuoa le ho a hlakola ka lesela leo a neng a itlamme ka lona thekeng. A tla ho Simone Peterosi. Peterosi a re ho eena:

uena, Morena, u ntlhatsoe maoto? Jesu a fetola, a re ho eena: seo ke se etsang ha u se tsebe ha joale, empa u tla se utloisisa hamorao.

Peterosi a re ho eena: U ke ke ua ntlhatsoa maoto le khale. Jesu a mo araba, a re: ha ke sa u hlatsoe, u ke ke oa ba le kabelo le ‘na. Simone Peterosi a re ho eena: Morena, e se be maoto feela, empa le ona matsoho le hlooho.

Jesu a re ho eena: Ea seng a totse ha a sa hloka ho itlhatsoa ha e se maoto fela: o hloekile hohle. Le lona le hloekile, empa e seng bohle hobane o na tseba na ke mang ea tla mo eka. Ke ka baka leo a itseng: Ha lea hloeka bohle.

Joale ha a qetile ho ba hlatsoa maoto ‘me a s’a apere setipe sa hae, a boela a khutlela lijong, a re ho bona: Na le utloisisa seo ke se entseng ho lona na? Le mpitsa Moruti le Morena, ‘me le nepile, hobane ke eena.

Joale ha ‘na, ke le Morena le Moruti, ke le hlatsoitse maoto, le lona le tšoanetse ho hlatsoana maoto. Ke le behetse mohlala hore, kamoo ke entseng ho lona kateng, le lona le etse joalo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Tlhakubele 2024

Read Next

La 29 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular