Vinkmag ad

La 26 Tlhakubele 2024

Beke e Halalelang

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (49, 1-6)

“Ke tla u etsa leseli la lichaba, pholoho ea ka e tle e fihlele lipheletso tsa lefatše.”

Lona lihleke-hleke, ‘mameleng; le thehe tsebe, lona merabe e hole-hole! Morena o mpitsitse ho tloha ha ke hlaha, a ntseba ka lebitso ke sa le popelong ea ‘m’e. O nehile molomo oa ka bohale ba sabole, a ntšireletsa ka moriti oa letsoho la hae. O nteolitse joaloka motsu oa seqha, a mpata khohlopong ea hae.

A re ho ‘na: “U mohlanka oa ka, uena Israele, eo ke tla ithorisa ka eena.” Ha e le ‘na ka re: “Ke sebelelitse lelea, ke qetile matla a ka feela, ho se thuso ea letho.  Leha ho le joalo, ke tla phetetsoa ke Morena ke putsoe ke Molimo oa ka. Ke lokeloa ke tlhompho pontšeng ea Morena, Molimo oa ka ke matla a ka. ”

Joale Morena o buile, eena ea nkoetlisitseng ke sa le popelong ea ‘m’e, hore ke be mohlanka oa hae, ke tle ke khutlisetse Jakobo ho eena, Israele a phuthehele ho eena. A re: “Ha hoa lekana ho uena, u le mohlanka oa ka, ho tsosa meloko ea Jakobo le ho khutlisa ba phonyohileng ba Israele. Ke tla u etsa leseli la lichaba, pholoho ea ka e tle e fihlele lipheletso tsa lefatše.”

PESALEMA 70  (1-6.15-17. R. 15)

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAO.

Ke tšabela ho uena, Morena,

ke se ke mpe ka tlontlolleha le ka mohla.

Ka ho ea ka toka ea hao,

u ‘namolele ‘me u ntokolle,

ntšekehele tsebe ‘me u mpholose.

U be lefika leo nka itšireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona;

efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

Molimo oa ka, ak’u ntše liatleng tsa ea khopo.

Morena, ke uena tšepo ea ka,

Molimo, u bile setšehetso sa ka

ho tloha bocheng ba ka.

Ke itšetlehile ka uena ho tloha tlhahong ea ka,

u bile mosireletsi oa ka,

ho tloha popelong ea ‘m’e.

Molomo oa ka o tla bolela ho loka ha hao,

le pholoho ea hao letsatsi lohle.

Molimo oa ka, u nthutile ho tloha bocheng ba ka,

ke phatlalalitse mesebetsi e tsotehang ea hao

ho fihlela kajeno.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (13, 21-33.36-38)

“E mong oa lona o tla nkeka …. Mokoko o ke ke oa lla, u e-s’o ntatole hararo.”

Ka nako eo, Jesu a sisimoha pelo ‘me a bua pepenene, a re: Ka ‘nete-nete, kea le bolella e mong oa lona o tla nkeka. Eaba barutuoa ba talimana, ba sa tsebe hore na o bua ka mang. E mong oa barutuoa, eo e leng eena ea ratoang ke Jesu, o ne a le pel’a hae ka lijong. Simone Peterosi a mo hoehla, a re ho eena: mo botse hore na o bolelang? Joale morutuoa eo a sekama sefubeng sa Jesu, a re ho eena: Morena, ke mang? Jesu a araba, a re: ke eena eo ke tla mo neha bohobe boo ke bo qopelitseng. Eare hoba a qopetse bohobe, a bo neha Judase, mor’a Simone Iskariota. Eena ha se a jele mothangoana ona, a kena ho eena. Jesu a re ho eena: seo u se etsang, u se etse kapele. Empa ho ba neng ba le lijong le eena, ha ho le ea mong ea ileng a tseba hore na o rialo ka baka la’ng. Ka ha Judase e ne e le eena ea bolokang mokotlana oa chelete, ba bang ba hopola hore Jesu o re ho eena: Reka seo re se hlokang bakeng la mokete, kapa o mo laela ho fa mafutsana ho hong. Hoba Judase a qete ho ja mothangoana ona, a tsoa hang. E ne e le bosiu.

Ha Judase a se a tsoile, Jesu a re: Joale Mor’a Motho o tlotlisitsoe, ‘me Molimo o tlotlisitsoe ka eena. Ekare ha Molimo a tlotlisitsoe ka eena, le eena Molimo o tla mo tlotlisa, a mo tlotlise kapele-pele. Bana ba ka ba banyenyane, ke sa na le lona ho se hokae. Le tla mpatla, empa, joaloka ha ke se ke boleletse Bajodi, moo ke eang teng le sitoa ho tla; ‘me le ho lona ke ntse ke rialo joale.

Simone Peterosi a re ho eena: Morena, u ea kae? Jesu a araba: Moo ke eang teng u sa sitoa ho ntatela; empa u tla ntatela hamorao. Peterosi a re ho eena: Ke sitoa ho u latela joale hobane’ng? Ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao. Jesu a mo fetola, a re: U re u tla tela bophelo ba hao ka baka la ka? Ka ‘nete-‘nete, kea u bolella, mokoko o ke ke oa lla, u e-s’o ntatole hararo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 Tlhakubele 2024

Read Next

La 27 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular