Vinkmag ad

La 9 Tlhakubele 2024

Beke ea 3 ea Karisima

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Hosea. (6,1-6)

“Seo ke se batlang ke lerato, e seng sehlabelo.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Matsoenyehong a bona ba tla mpatla, ba re: “Tloong, a re khutleleng ho Morena, hobane eena ea re hlenhlantseng o tla re folisa, eena ea re otlileng o tla re tlama maqeba. O tla boela a re fa bophelo kamora’ matsatsi a mabeli, ka letsatsi la boraro o tla re tsosa, re tle re phele tlas’a ts’ireletso ea hae. A re tsebeng Morena, a re ikitlaelletseng ho mo tseba! Ho tla ha hae ke ntho e tsepameng joaloka ho hlaha ha mafube, o tla tla ho rona joaloka pula, joaloka lefafatsane la selemo le noesetsang lefatse.”

Nka u etsetsa’ng, uena Efraime? Uena Juda, nka u etsetsa’ng? Lerato la lona lejoaloka moholi oa hosasa, joaloka phoka e nyamelang e sa le hoseng. Ka baka lena ke ba ranthantse ka baprofeta, ka ba bolaea ka lipolelo tsa molomo oa ka; kahlolo ea ka e ka ho chaba ha letsatsi. Hobane seo ke se batlang ke lerato, e seng sehlabelo, ke tsebo ea Molimo, e seng licheso.

PESALEMA 50 (3-4.18-21. R. Hos 6, 6)

SE NKHAHLANG KE LERATO, E SENG SEHLABELO.

Nkhauhele, oho Molimo, ka lerato la hao;

ka baka la boholo ba mehauhelo ea hao

u hlakole melato ea ka.

Ntlhatsoe, u ntlhatsoisise phoso ea ka,

u ntlhoekise sebe sa ka. 

Hobane ha u khahloe ke sehlabelo,

leha nka u nyehela secheso,

u ke ke ua se amohela.

Sehlabelo ho Molimo ke moea o robehileng;

pelo e robehileng, e matetetso,

uena Molimo ha u e khese.

Ka boithatelo ba hao, u tsoela Sione molemo,

 u ahe bocha marako a Jerusalema.

Ke moo u tla khahloa ke mahlabelo a laetsoeng,

linyehelo tse chesoang ka ho tlala;

ke moo ho tla nyeheloa lipohoana aletareng ea hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (18, 9-14)

“Mokhafisi o khutletse hae a lokafalitsoe ho e-na le Mofarisi.”

Ka nako eo, Jesu a bolela papiso ena ho ba bang ba neng ba its’epa eka hoja ba lokile, ‘me ba nyelisa batho ba bang. Batho ba babeli ba ile ba nyolohela Tempeleng ho ea rapela: e mong e ne e le Mofarisi, e mong e le Mokhafisi. Mofarisi a ema ‘me a rapela ka ho eena joana: Oho Molimo, kea u leboha ha ke se joaloka batho ba bang bohle, bao e leng masholu, ba se nang toka bafebi, leha e le joaloka mokhafisi enoa, Ke itima lijo ha beli ka beke, ke nts’a karolo ea leshome ea tsohle tseo ke li ruileng.

Athe mokhafisi eena o n’a eme hole, a tšaba le ho lelaletsa mahlo a hae leholimong, empa a iteta sefuba, a re: Oho Molimo, u nkhauhele ‘na moetsalibe! Kea le bolella, enoa o khutletse hae a lokafalitsoe ho e-na le eane. Hobane mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Tlhakubele 2024

Read Next

La 11 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular