Vinkmag ad

La 7 Tlhakubele 2024

Beke ea 3 ea Karisima

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (7, 23-28)

“Sechaba sena ke se sa mameleng lentsoe la Morena Molimo oa sona.”

Ke sena seo Morena a se se bolelang: Taelo feela eo ke e fileng bo-ntat’a lona ke ena: Mamelang lentsoe la ka; ke moo ke tla ba Molimo oa lona, lona le be sechaba sa ka. Tsamaeang ka mehla tseleng eo ke le laelang eona, le tle le be le katleho. Empa ha ba ka ba nkutloa, leha e le ho nts’ekehela tsebe, ba ‘nile ba ngangella maikutlong a khopo a lipelo tsa bona, ba mphuralla, ba hana ho ncheba mahlong.

Ho tloha tsatsing leo ka lona bo-ntat’a lona ba ileng ba tsoa naheng ea Egepeta ho fihlela tsatsing lena, ke ‘nile ka le romela ka nako le nako, ke sa khathale, bahlanka bohle ba ka e leng baprofeta. Empa ha ba ka ba ‘mamela, leha e le ho nts’ekehela tsebe, ba ba manganga, ba feta bo-ntat’a bona ka bobe.

U tla ba bolella tsena kaofela, empa le uena ba ke ke ba u araba. Joale u tla re ho bona: Sechaba sena ke se sa mameleng lentsoe la Morena, Molimo oa sona, ‘me se sa batleng khalemo; ‘nete e felile ha e sa le eo melomong ea sona.

PESALEMA 94  (1-2.6-9. R. 8)

HOJA LE KA MAMELA LENTSOE LA HAE KAJENO! LE SE KE LA ITHATAFATSA LIPELO.

Tloong, re hoeletseng ho Morena ka thabo,

re etsetseng eo e leng lefika

le re pholosang litlatse.

A re eeng ho eena ka lithoko,

  ka lifela le ka litlatse. 

Tloong, re inameng, re itiheleng fatse,

re khumameleng Morena ea re entseng.

Ke eena Molimo oa rona,

rona re sechaba se boliseng ba hae,

mohlape o matsohong a hae.        

Hoja le ka mamela lentsoe la hae kajeno!

Le se ke la ithatafatsa lipelo

joaloka ha le le Meriba,

joaloka mohla le leng Massa feelleng,

moo bo-ntat’a lona ba ileng ba nteka,

ba ‘nonya leha ba bone mesebetsi ea ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (11,14-23)

“Ea sa eeng le ‘na oa ntoants’a”.

Ka nako eo, Jesu a leleka modemone ea semumu. Eitse hoba a leleke modemone, semumu sa bua ‘me matšoele a tsota. Empa ba bang ho bona ba re: Ke ka Beelzebule, morena oa bademone a lelekang bademone. Athe, ba bang, ka ho mo leka, ba kopa ho eena ponts’o e tsoang leholimong. Empa eena ka ho tseba mehopolo ea bona, a re ho bona:

‘Muso ofe le ofe o ikarohantseng likoto o tla timela, ‘me matlo a oona a tla oelana holimo. Joale haeba Satane a arohane ka boeena, ‘muso oa hae o ka ema joang, haeba le re ke leleka bademone ka Beelzebule, bara ba lona bona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo e tla ba bona baahloli ba lona. Athe ha ke fela ke leleka bademone ka monoana oa Molimo, ruri e tla ba ‘muso oa Molimo o fihlile ho lona.

Ha motho ea matla, ea hlometseng, a lebela ntlo ea hae, ling tsa hae li lula ka khotso. Empa ha ho ka tla e mong ea matla ho mo feta, eaba oa mo hlola, o tla mo amoha lihlomo tsohle tsa hae tseo a neng a li ts’epile, ‘me o tla fana ka thepa. Ea sa eeng le ‘na oa ntoantša. ‘me ea sa bokelleng le ‘na oa qhalanya.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Tlhakubele 2024

Read Next

La 8 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular