Vinkmag ad

La 4 Tlhakubele 2024

Beke ea 3 ea Karisima

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (5,1-15)

“Balepera ba ne ba le bangata Israeleng mehleng ea moprofeta Elisha; athe ha ho le ea mong oa bona ea ileng a folisoa, ha e se Naamane oa Siria.”

 

Matsatsing ao Naamane, molaoli oa makhotla a khosi ea Arame, e ne e le motho e moholo mahlong a mong’a hae, e ne e bile e le thatohatsi ea hae, hobane ke ka eena Morena a neng a file Arame tlholo. Empa mohale eo e ne e le molepera. Ha Ba-Arame ba tsoile ka lihlopha ho ea hapa naheng ea Israele ba khutla le ngoanana e mong ea ileng a etsoa lekhabunyane la mosali oa Naamane. Ngoanana a re ho mofumahali oa hae: Hoja mong’a ka a ka itlhahisa ho moprofeta ea leng Samaria, ruri o ne a ka mo folisa lepera la hae.

Naamane a ea tsebisa mong’a hae, a re: Moroetsana eane ea tsoang naheng ea Israele o buile ka hore le hore. Khosi ea Arame ea re: Kena tseleng, u tsamaee: ke tla romela lengolo ho khosi ea Israele. Naamane a tsamaea a nkile chelete ea litalenta tse leshome tsa silevera le chelete ea gauda ea li-shekele tse likete tse tšeletseng tsa gauda le liaparo tse leshome tsa mokete. A isetsa khosi ea Israele lengolo le reng: Ha lengolo lena le fihla ho uena, u tsebe hore ke rometse Naamane ho uena hore u mo folise lepera la hae.

Eitse hoba khosi ea Israele e bale lengolo, ea tabola liaparo tsa eona, ea re: E be ‘na ke Molimo ea nang le matla a ho bolaea le ho phelisa, ha e le moo eo a nthomeletse motho hore ke mo folise lepera? Le utloisise hantle hore seo a se batlang ke hore re qabane.

Eitse ha Elisha, motho oa Molimo, a utloa hore khosi ea Israele e ile ea tabola liaparo tsa eona, a romela leqosa ho eona, a re: U taboletse’ng liaparo tsa hao na? A ke a tle ho ‘na, a tl’o tseba hore ho na le moprofeta Israeleng!

Naamane a tla ka lipere le ka likariki tsa hae, a ema monyako oa ntlo ea Elisha. Elisha a romela leqosa ho eena, a re: Tsam’u tola ha supa nokeng Jordane, ‘mele oa hao o tla fola, ‘me u tla hloeka. Naamane a halefa, a tloha, a re: Ke ne ke hopola hore o tla tsoa, a eme moo, a rapele lebitso la Morena Molimo oa hae, a mpikitle ka letsoho moo ke jeoang ke lepera, ‘me a mpholise. E be metsi a linoka tsa Damaseka bo-Abana ka bo-Pharpare, ha a matle ho feta metsi ‘ohle a Israele? Na ha nka ea tola ho ‘ona, nke ke ka hloekisoa?

A tjekisa kariki, a khutla a tlokoma ke khalefo. Bahlanka ba hae ba atamela, ba re: Ntate, na hoja moprofeta a u laela ntho e kholo, u n’u ke ke ua e etsa? Joale u ka etsa habonolo ho feta ha a re ho uena: U tole, u tsoe u hloekisoa? Eaba o theohela nokeng ea Jordane a qoela teng ha supa ka ho ea ka polelo ea mohlanka oa Molimo. Nama ea hae ea boela ea e-ba joaloka nama ea ngoana e monyenyane, ‘me a hloeka.

Eaba o khutlela ho motho oa Molimo, a e-na le lekhotlana la hae kaofela. A fihla a ema pel’a hae, a re: Ruri kea tseba joale hore ha ho Molimo lefatšeng lohle, ha e se Israeleng.

 

PESALEMA 41  (2-3; Ps 42,3-4. R7. 3)

 

MOEA OA KA O NYORETSOE MOLIMO EA PHELANG. KE TLA EA HLAHA NENG PEL’A MOLIMO?

 

Joaloka khama e laba-labelang metsi a phallang,

moea oa ka o laba-labela uena, Molimo oa ka.

Moea oa ka o nyoretsoe Molimo, Molimo ea phelang.

Ke tla ea hlaha neng pel’a Molimo?       

 

Romela leseli le ‘nete ea hao ho ntsamaisa,

le ho nkisa thabeng e halalelang ea hao,

mehahong ea hao.

Ke tla fihla aletareng ea Molimo,

Molimo eo e leng thabo ea ka.       

 

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (4,24-30)

 

Joaloka Elia le Elisha, Jesu ha a ka a rongoa ho Bajodi feela.

 

Ha Jesu a tla Nazaretha, a bua le sechaba katlung ea thapelo ea Bajodi, a re: Ka ‘nete ke re ho lona, ha ho moprofeta ea amoheloang ha habo.

Kea le bolella ruri basali ba bahlolohali ba ne ba le bangata Israeleng mehleng ea Elia, ha leholimo le neng le koetsoe ka lilemo tse tharo le khoeli tse tšeletseng,’me lefatše lohle le aparetsoe ke tlala ea seoa. Athe Elia ha a ka a rongoa le ho ea mong oa bona, ha e se ho mohlolohali oa Sarepta, naheng ea Sidone. Le teng, balepera ba ne ba le bangata Israeleng mehleng ea moprofeta Elisha, empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a folisoa, ha e se Naamane, Mo-Syria.

Ha ba utloa tsena, bohle ba ka tlung ea thapelo ba tlokoma ke khalefo. Ba ema, ba mo kharameletsa kantle ho motse, ‘me ba mo isa lints’ing tsa selomo sa thaba eo motse oa bona o neng o ahiloe holim’a eona ho mo lihela. Empa eena a iphetela har’a bona, a ikela.

Vinkmag ad

Read Previous

Loti lea reketla mebarakeng

Read Next

La 5 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular