Vinkmag ad

La 21 Tlhakubele 2024

Beke ea 5 ea Karisima

Labone

Ho baloa Bukeng ea Genese. (17,3-9)

“U tla ba ntat’a lichaba-chaba.”

Matsatsing ao Abrame a itihela fatše ka sefahleho, ‘me Molimo o tsoela pele ho bua le eena, o re: Ke sena selekane sa rona le uena: u tla ba ntat’a lichaba-chaba. Lebitso la hao ha u sa tla ba Abrame, empa lebitso la hao u tla ba Abrahama, hobane ke u behile hore u be ralichaba-chaba.

Ke tla u atisetsa bana haholohali, lichaba li hlahe ka uena, marena a tsoe ho uena. Ke tla hlaba selekane le uena, le litloholo tsa hao tse tlang ka mora’ hao, ka meloko ea tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Molimo oa hao le oa lesika la hao le tlang ka mora’ hao.

‘Me naha ea bojaki ba hao, naha eohle ea Kanaana, ke e fa uena le lesika la hao le tlang kamora’ hao le e rue ka ho sa feleng, ‘me ke tla ba Molimo oa lona. Hape Molimo a re ho Abrahama: U boloke selekane sa ka, uena le litloholo tsa hao tse tlang kamora’ hao, ka meloko ea tsona.

PESALEMA 104 (4-9. R. 8)

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Batlang Morena le matla a hae,

thahasellang sefahleho sa hae ho se khaotso.

Se lebaleng tse tsotehang tseo a li entseng,

limakatso tsa hae,

le likahlolo tse tsoang molomong oa hae.

Lona, lesika la Abrahama, mohlanka oa hae,

lona, bana ba Jakobo, mokhethuoa oa hae.

Ke eena Morena, Molimo oa rona,

likahlolo tsa hae li aparela lefatše.

Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla,

polelo eo a e etselitseng meloko e sekete,

selekane seo a se hlabileng le Abrahama,

le kano ea hae ho Isaaka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (8,51-59)

“Abrahama, ntat’a lona, o n’a tšepile ka thabo hore o tla bona letsatsi la ka.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Bajodi: Ka ‘nete-nete ke re ho lona, ha motho a ka boloka lentsoe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla.

Bajodi ba re ho eena: Joale re tseba hantle hore u na le modemone. Abrahama o shoele, le bona baprofeta, athe uena u re: Ha motho a ka boloka lentsoe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla. Na u moholo ho Ntat’a rona Abrahama? Eena o shoele, le bona baprofeta ba shoele. U iketsa mang na?

Jesu a araba, a re: Ha eba kea ithorisa, boithoriso ba ka ha se letho. Ke Ntate ea ntlotlisang, eo lona le reng ke Molimo oa lona, empa le sa mo tsebe. ‘Na kea mo tseba, ‘me ha ke ne nka re ha ke mo tsebe, ke ne ke tla ba leshano joaloka lona. Empa kea mo tseba ke bile ke boloka lentsoe la hae. Abrahama, ntat’a lona, o n’a tšepile ka thabo hore o tla bona letsatsi la ka. O n’a fele a le bona ‘me a thaba.

Ebile Bajodi ba re ho eena: U e-s’o be lilemo li mashome a mahlano tje, u s’u ile ua bona Abrahama? Jesu a re ho bona: Ka ‘nete-nete ke re ho lona, pele Abrahama a e-ba teng, ha e sa le ke le teng. Eaba ba thonaka majoe, ba re ba ‘metsa ka ‘ona. Empa Jesu a ipata ‘me a tsoa ka Tempeleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Tlhakubele 2024

Read Next

La 22 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular