Vinkmag ad

La 18 Tlhakubele 2024

Beke ea 5 ea Karisima

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele. (13,41-62)

“Ke tla shoa, leha ke sa etsa letho la tseo ke qosoang ka tsona.”

Matsatsing ao Letšoele le ile la ahlolela Suzanna lefu. Suzanna a hooa ka lentsoe le phefa, a re: “Molimo oa bosafeleng, uena ea tsebang tse patehileng, ea tsebang lintho tsohle le pele li etsahala, ua tseba hore ba fane ka bopaki ba bohata ka ‘na, ‘me ke mona ke tla shoa, leha ke sa etsa letho la tse khopo tseo ba iqapetseng tsona ho nqosa.”

Morena o ile a utloa sello sa hae. Eitse moo a seng a isoa polaong, Molimo a tsosa moea o halalelang ka ho moshanyana ea bitsoang Daniele, ‘me eena a hooa ka lentsoe le phefa, a re: “Ha ke na molato maling a mosali enoa.” Batho bohle ba ile ba retelehela ho eena, ba re: “U re’ng joale, uena?” A ema har’a bona, a re: “Le lithoto tse kaakang, lona bana ba Israele, hore ebe le ahlotse morali oa Israele ntle ho tlhahlobo ea letho kapa bopaki ba ‘nete! Khutlelang khotla, hobane batho bana ba babeli ba fane ka bopaki ba bohata ka eena.”

Eaba batho bohle ba khutla ka potlako, ‘me baholo ba re ho Daniele: “Tloo, u lule le rona, u hlahise maikutlo a hao, hobane Molimo o u file kelello e kang ea baholo.”

Daniele a re ho bona: “Ba arohanyeng, ke tla ba hlahloba.” Ha ba se ba arohantsoe, a bitsa e mong oa bona, ‘me a re ho eena: “U tsofaletse bokhopong. Libe tseo e sa leng u li etsa, li khutletse ho uena joale. Likahlolo tsa hao li ne li se na toka, u n’u tsoa ba se nang molato ‘me ba molato u ba lokolla, le hoja Morena a itse: Se bolaee motho ea lokileng, ea se nang molato.

Joale he, ha eba u ile ua fela ua bona mosali enoa, bolela, u ba bone hampe tlas’a sefate sefe?” A araba, a re: “Sa leoka.”

Daniele a re: “U fetse u qalile leshano le tla lefshoa ka hloho ea hao. Lenyeloi la Molimo le se le amohetse kahlolo ea hao e tsoang ho Molimo: le tla u patsola ka lehare.” A laela hore eo a tlosoe ‘me ho tlisoe oa bobeli.

A re ho eena: “Uena lesika la Kanaana leo e seng la Juda, botle bo u lihetse, takatso e mpe e u sentse pelo.

Ona ke oona mokhoa oo le ‘nileng la o etsa ho barali ba Israele; ‘me bona, ka ho le tšaba, ba ‘nile ba lumellana le lona. Empa morali enoa oa Juda ha a ka a iphapanyetsa bokhopo ba lona. Joale he, mpolelle, u ba ts’oere hampe tlas’a sefate sefe?” A re “Sa eike.”

Daniele a re ho eena: “Le uena u fetse u qalile leshano le tla lefshoa ka hloho ea hao. Lenyeloi la Molimo le u emetse ka sabole ho u patsola ka lehare; le tla le timetsa bobeli ba lona.”

Joale letšoele kaofela la hooa ka lentsoe le phefa, la boka Molimo ea pholosang ba mo tšepang. Eaba ba rutlolohela baholo bao ba babeli, bao Daniele a ileng a supa, ka lipolelo tsa molomo oa bona, hore bopaki ba bona ke ba bohata.

Ho latela molao oa Moshe, ba ba jarisa kahlolo eo ba neng ba e reretse mohahabo bona. Ba ba bolaea, ‘me mali a se nang molato a ile a pholosoa tsatsing leo.

PESALEMA 22   (1-6. R. 4)

LEHA NKA TSAMAEA KHOHLONG E LEFIFI BA LEFU, HA KE TŠABE BOBE BOFE KAPA BOFE, HOBANE U NA LE ‘NA.

Morena ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho.

O nkatla makhulong a matalana.

O ntsamaisetsa metsing a khutsitseng,

o matlafatsa bophelo ba ka.

O ntataisa tseleng e nepahetseng

ho tlotlisa lebitso la hae.

Leha nka tsamaea khohlong e lefifi ba lefu,

ha ke ts’abe bobe bofe kapa bofe.

U ntekela tafole

pontšeng ea lira tsa ka,

u ntlotsa hloho ka oli,

mohope oa ka oa khaphatseha.

Efela lehlohonolo le mohau li tla mphelehetsa

ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka;

ke tla lula ka tlung ea Morena

ha feela ke ntse ke phela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (8,1-11)

“Ea se nang sebe har’a lona, e be eena ea betsang lejoe la pele.”

Ka nako eo, Jesu a ea thabeng ea Mehloare. A boela a hlaha hape ka Tempeleng e sa le ka meso, ‘me sechaba sohle sa tla ho eena. Eaba o lula fatše, oa se ruta. Joale Bangoli le Bafarisi ba mo tlisetsa mosali ea neng a tšoeroe sebeng. Ba mo emisa poaneng, ba re ho Jesu: Moruti, mosali enoa o tšoeroe sebeng sa bohlola. Moshe o re laetse Molaong ho tlepetsa basali ba joalo ka majoe. Uena u re’ng?

Ba ne ba rialo ka ho mo leka, hore ba tle ba tsebe ho mo qosa. Empa Jesu a inama, a qala ho ngola fatše ka monoana. Eitse ha ba qophella ho ‘motsa, a inamoloha, a re ho bona: Ea se nang sebe har’a lona, e be eena ea betsang lejoe la pele. A boela a inama, a tsoela pele ho ngola fatše.

Ha ba utloa mantsoe ana, ba ikela ka bonngoe, ho qala ka ba baholo, ho fihlela Jesu a sala a le mong le mosali ea neng a ntse a eme moo. Eaba Jesu oa inamoloha, o re ho eena: Mosali, ba kae ba neng ba u qosa? Ha ho ea u ahlotseng na? Eena a re: Ha a eo, Morena. Jesu a re: Le ‘na ha ke u ahlole. E-ea ‘me ho tloha joale u se hlole u etsa sebe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Tlhakubele 2024

Read Next

La 19 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular