Vinkmag ad

La 16 Tlhakubele 2024

Beke ea 4 ea Karisima

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (11,18-20)

“Ke ka konyana e bonolo e isoang hlabong.”

Morena, u ile oa ntsebisa, ka ba ka tseba; ke moo feela ke qalileng ho lemoha merero ea bona e mebe. Ke ne ke ka konyana e bonolo e isoang hlabong, ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re:  “A re bolaeeng sefate se sa le setala, re mo tloseng lefatšeng la ba phelang, lebitso la hae le se hlole le hopoloa!”

Morena oa makhotla, uena ea ahlolang ka toka, ea hlahlobang lipelo le likelello, ke tla bona boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke behile taba ea ka matsohong a hao.

PESALEMA 7     (2-3.9-12. R. 2)

MORENA, MOLIMO OA KA, KE TŠABELA HO UENA.

Morena, Molimo oa ka, ke tšabela ho uena;

ak’u mpholose,

u ‘namolele ho bohle ba ntebelisang,

esere ba ntsekolla joaloka tau,

ba nkhulanya ho se ea ‘namolelang.

Nkahlolele, Morena, kaha ke lokile,

‘me ke hloka molato.

U felise bobe ba ba khopo,

ea lokileng u mo matlafatse hore a tiee.

Molimo ke thebe ea ka,

o pholosa ba pelo li ntle.

Molimo ke moahloli ea nang le toka,

o halefela ba babe ka nako tsohle.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (7, 40-53)

“Ana Kriste a ka hla a tsoa Galilea?”

Ka nako eo, ha ba bang har’a letšoele ba utloa lipolelo tsa Jesu, ba re: “Ruri, motho enoa ke eena Moprofeta. Ba bang ba ne ba re: Ke eena Kriste. Athe ba bang ba re: Ana Kriste a ka hla a tsoa Galilea? Hleka Mangolo ha a bolele hore Kriste o tsoa lelokong la Davida le Bethlehema, motseng oa habo Davida?

Khang ea hlaha joale har’a batho ka eena; ba bang ho bona ba ne ba rata ho mo tšoara, empa ha hoa ka ha e-ba motho ea mo isang letsoho. Bahlanka ba baprista ba baholo le ba Bafarisi ba khutlela ho bona, ‘me bao ba ba botsa, ba re ho bona: Ha lea mo tlisa ke’ng? Bahlanka ba araba, ba re: Ha e sa le, ha ho e-s’o be motho ea buang joaloka motho eo. Bafarisi ba ba fetola, ba re: Ana le lona le khelositsoe na? Hleka na o teng le ea mong oa babusi kapa Bafarisi ea lumetseng ho eena? Empa maoatla ana a sa tsebeng Molao a rohakehile.

E mong oa bona, Nikodema, eane ea neng a tlile ho Jesu bosiu, a re ho bona: Na Molao oa rona o ke o ahlole motho, pele a ka botsoa, e le hore ho tle ho tsejoe seo a se entseng? Ba fetola, ba re ho eena: Ana le uena u mo-Galilea na? Ithute Mangolo hantle: u tla bona hore ha ho moprofeta ea ka hlahang Galilea. Eaba e mong le e mong o khutlela ha hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Tlhakubele 2024

Read Next

La 18 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular