Vinkmag ad

La 12 Tlhakubele 2024

Beke ea 4 ea Karisima

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele. (47,1-9.12)

“Ke bone metsi a e-tsoa tempeleng, ‘me bohle bao metsi ana a ileng a fihla ho bona ba ile ba pholoha.”

Matsatsing ao lenyeloi le ile la nkhutlisetsa monyako oaTempele. Metsi a n’a kopotsa tlas’a monyako oa Ntlo ea Morena, ka nq’a Bochabela, hobane Tempele e n’e shebile ka nq’a Bochabela. Metsi a n’a theoha lehlakoreng le letona la Ntlo, ka nq’a Boroa ho aletare. Eaba le nts’etsa kantle ka monyako o ka Leboea, la mpotisa Tempele ka tsela e kantle, ho ea fihla monyako o kantle o shebileng ka nq’a Bochabela. Metsi a n’a nts’a e-tsoa lehlakoreng le letona la Tempele.

Lenyeloi la tsoela kantle ka nq’a Bochabela, le tšoere khoele letsohong. La lekanya sebaka sa litsoe tse sekete, eaba le ntšelisa metsi ao moo a neng a fihla maqaqailaneng. La lekanya sebaka sa litsoe tse sekete hape-hape, eaba le ntšelisa moo metsi a neng a fihla thekeng. La lekanya sebaka sa litsoe tse sekete khetlo la qetelo, moo e neng e s’e le noka eo ke neng ke sitoa ho e tsela; hobane metsi a n’a le mangata hoo motho a neng a ka sesa, e le noka e ke keng ea tšeloa.

Ke ha lenyeloi le re ho ‘na: “Na u bone tsee, mor’a motho?” La ‘na la tsamaea le ‘na lebopong la noka. Ho n’o s’o e-na le lifate tse ngata-ngata ka mose ona le ka mose oane ho noka. La bua hape, la re: “Metsi ana a leba tikolohong e ka Bochabela, a theohela phuleng ea Araba, a kena leoatleng le metsi a letsoai le lengata ‘me joale metsi a lona a tla fetoha a ka nooang.

Hohle moo noka ena e phallelang teng, tsohle tse sesang metsing ka mefuta eohle ea tsona, li tla phela. Lihlapi li tla ba ngata haholo, hobane moo metsi ana a fihlang teng, metsi a leoatle a fetoha a ka nooang, ‘me bophelo bo tla ba teng hohle moo noka ena e fihlang teng.

Ka mose ona le ka mose oane ho noka ho tla mela lifate tsa mefuta eohle tse behang litholoana tseo mahlaku a tsona a ke keng a pona, le litholoana tsa tsona li ke keng tsa fela. Khoeli e ‘ngoe le e ‘ngoe e tla beha litholoana tse ncha, hobane li noesetsoa ka metsi a tsoang sehalalelong. Litholoana tsa tsona e tla ba lijo, ‘me mahlaku a tsona e be sehlare.”

PESALEMA 45  (2-3.5-6.8-9. 8)

MORENA OA MAKHOTLA O EME LE RONA, QHOBOSHEANE EA RONA KE MOLIMO OA JAKOBO.

Molimo ke setšabelo le matla a rona,

thuso e fumanehang ka mehla mats’oenyehong.

Ka hona re ke ke ra tšoha,

leha lefatše le ka reketla,

le lithaba li ka helehela maoatleng.

Ho na le noka eo makala a eona a thabisang

 motse oa Molimo, qalo e halalelang,

eo Ea holimo-limo a ahileng ho eona.

Molimo o ka har’a oona, o ke ke oa heletsoa,

Molimo o o thusa e sa le ka meso.

Morena oa makhotla o eme le rona,

qhobosheane ea rona ke Molimo oa Jakobo.

Tloong, le bone mesebetsi ea Morena,

 ea entseng tse nyarosang lefatšeng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (5, 1-3.5-16)

“Hang motho eo a fola.”

Ka nako eo, ha e-ba le mokete oa Bajudi Jerusalema, ‘me Jesu a nyolohela teng. Jerusalema moo, haufi le monyako o bitsoang oa Linku, ka seheberu Bezatha, ho na le letamo le teetsoeng hare ke mathule a mahlano.

Motho e mong o n’a le teng moo ea kutseng lilemo tse mashome a mararo a metso e robeli. Eare ha Jesu a ‘mona a rapaletse moo ‘me a tseba hore e s’e le nako e telele a le joalo, a re ho eena: Na u rata ho fola? Mokuli a mo araba, a re: Morena, ha ke na motho ea ka nkakhelang ka letamong hoba metsi a fuluhuoe; e ee ere ha ke re ke ea teng, e mong a b’a s’a theohela pele ho ‘na. Jesu a re ho eena: Ema, u nke liphate tsa hao, u tsamaee. Hang motho eo a fola, a nka liphate tsa hae, a tsamaea.

Letsatsi leo e ne e le Sabbatha. Ka baka leo Bajudi ba re ho ea folisitsoeng: Ke Sabbatha; ha ua lumelloa ho jara liphate tsa hao. A ba araba, a re: Ea mpholisitseng ke eena ea itseng ho ‘na: Nka liphate tsa hao, u tsamaee.

Ba ‘motsa ba re: Ke mang eena motho eo, ea itseng ho uena: Nka liphate tsa hao, u tsamaee? Ea folisitsoeng o n’a sa tsebe na ke mang, ka ha Jesu o n’a s’a nyametse har’a letšoele. Hamorao Jesu a mo fumana ka Tempeleng, a re ho eena: Ua bona, u folile. U se hlole u etsa sebe, esere ua hlaheloa ke ho hobe ho feta.

Eaba motho eo o ea ho Bajudi, o ba bolella hore ke Jesu ea mo folisitseng. Ka baka leo Bajudi ba ne ba hlorisa Jesu, ka ho re o etsa tsena ka Sabbatha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Tlhakubele 2024

Read Next

La 13 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular