Vinkmag ad

Mosebetsi oa maparamente ke ofe?

UNFP e itlama ho ts’ehetsa paramente ho hlahloba melao e shebanang le liqholotso tsa tlhekefetso, lenyalo la bana ba tlase lilemong le ts’ireletso ea batho ba tlokotsing hore Naha ea Lesotho e be boemong ba ho ikemela le ho etsa liqeto tse matla sebakeng sa batho bohle. Tsena li hlaheletse ‘mokeng o neng o ts’oaretsoe maparamente le Mekhatlo e Ikemetseng, ke SADC- PF, ka la 15 Hlakola monongoaha.

Molula-Setulo oa Balula-Litulo ba Likomiti tsa Paramente Mokhothu Makhalanyane, o hlalositse hore   e le maparamente ba tlameha ho sebetsa ka thata ho bona hore ho ba le melao e sireletsang bana, litokelo tsa bona ‘moho le tsa mafutsana. A re ba hloka hore makala a fane ka litlaleho tsa ts’ebeliso ea lichelete hore bafani ba bone maputulo a tsona.

A re botlalehi bo bohlasoa bo se nang ponaletso ba ts’ebeliso ea lichelete bo nyahamisa bafani, ‘me taba eo e beha ‘muso tsietsing ‘moho le Mekhatlo e Ikemetseng.

Motsamaisi oa Lipuisano Paramenteng, Mohlomphehi Tlohang Sekhamane o re bakhethoa ba lokela ho ikopanya le sechaba molemong oa ho aha likamano tse mofuthu.

O re nako e fihlile ea hore ba tsebise sechaba ‘nete, hobane ha se mosebetsi oa mokhethoa ho kenya metsi le motlakase. A re maparamente a leka sohle se matleng a bona ho bona hore ba fihlela litlhoko tsa sechaba, empa ha ba na bokhoni kaha seo e se karolo ea mesebetsi ea bona. A re a tlasa khatello ea ho etsa mosebetsi ea sechaba, ‘me taba ena e etsa   ba tsoelepele ho bua mafosisa, ka hona ba khaotse, ‘me ba tsepamise maikutlo mosebetsing oo ba o khethetsoeng ke sechaba.

O re ba lokela ho bua ka litaba tsa bophelo bo botle khafetsa, ba li phele nako eohle hobane liqholotso tse tobaneng le bacha le sechaba li ngata.

Vinkmag ad

Read Previous

BAP e’a itlhakisa

Read Next

Tota hlathe e lelekisa tsebe

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular