Vinkmag ad

Vodacom Foundation e phallela baithuti

Vodacom Lesotho Foundation e phalletse baithuti ba nang le bokooa ba pono ka lithusa-thuto Sekolong se Phahameng sa St. Catherine ka la 6 Hlakola monongoaha.

 Sekolo sena ke sona feela kahar’a naha se amohelang baithuti ba nang le bokooa ba pono, ‘me esale se ba bulela mamati ho tloha ka selemo sa 1978. Lithusa-thuto tse fanoeng ke lipene tse ikhethileng (C- Pen) tse 50  tse tsebang ho fetolela mongolo o ngotsoeng ho lentsoe, e le ho thusa baithuti ho bala libuka le lingoliloeng tse ling. Lithusa-thuto tse ling ke tse hatisang lentsoe tse  14 , e le hore baithuti ba atlehe ho hatisa mantsoe a litichete nakong eo ba rutoang le nakong eo ba komelang lithuto le baithuti ba bang.

Mookameli oa Vodacom Lesotho Foundation, Monghali Tšepo Ntaopane o re ka phano ena, ba tlatsetsa khahong ea Lesotho le hlokoang ke bohle, moo ho seng motho ea khetholloang hobane a bopehile ka tsela e fapakaneng le ea ba bang.

“Re batla Lesotho leo motho e mong le e mong a ntšang litsebo le lineho tsa hae ka hohle hohle.” A rialo.

 A re o qholotsa ‘muso, likhoebo tse ikemetseng le bohle ho tsetela thutong ea ngoana Mosotho, ho tloha likonyaneng ho ea fihla Likolong tsa Thuto e Phahameng. A re ba ka thaba ho bona ho na le boramahlale ho tsoa kahar’a batho ba nang le bokooa.  A re ba na le lihlapiso tsa Vodacom Lesotho, moo ba behellang ka theko M4 millione selemo le selemo ho thusa ho fihlela toro ena.

Mookameli oa Lekalana la Thuto e Ikhethang Lekaleng la Thuto le Khoetliso, Mofumahali ‘Mapaballo Setlaba o re tlatsetso ea Vodacom Lesotho Foundation ke boitlamo bo sa thekeseleng thutong e kenyeletsang bohle, le hore moithuti e mong le e mong o bohlokoa.

A re phallelo ena e boetse e nyalana hantle le boitlamo ba ‘Muso oa Lesotho, ba ho fana ka menyetla e lekanang ea thuto ho bana bohle, ho ipapisitsoe le litumellano tsa machaba, melao le maano a naha.

Lithusa-thuto tsena li tl’o thusa baithuti ba nang le bokooa ho kena sekolo ho se tšitiso ea letho. Chelete e sebelisitsoeng ho reka thepa ena ke M303 387.00, tlasa tšiea ea thuto ea Vodacom Lesotho Foundation e kenyelletsang bohle, e leng seo ba se khothaletsang batho bohle.

 Mookameli oa Ofisi, Mokhatlong oa Batho ba nang le Bokooa ba Pono (LNVIP) Lisebo  Balopebi, o hlalositse hore lithusa-thuto tsena ke khahlametso e kholo thutong ea bana ba nang le bokooa, hobane ba tobane le khaello. O re sena se tl’o matlafatsa boiphihlelo ba bona litabeng tsa ho bala le ho mamela tlhaloso ea litichere nakong ba rutoang.   

A re ho bohlokoa hore mafapha ohle a ele hloko bana ba nang le bokooa  haholo ‘Muso oa Lesotho, hore ba tsebe ho ruteha joaloka baithuti bohle etsoe ba na le tokelo joaloka  bona.

 Mookameli oa Sekolo se Phahameng  sa St. Catherine’s, Ntoa David Nkanda, o hlalositse  hore  lithusa-thuto tsena li tl’o bolokela baithuti nako ea ho ithuta joaloka ba bang, hobane boholo ba bona ba ne ba lokela ho emela buka li hatisoe ka mongolo o ba lokelang, kapa ba thusoe ke barutoana ba bang. A re boholo ba litichere li qapela pina seemeng kaha ba sa ithutela ho ruta bana ba nang le bokooa, kahar’a litichere tse 32 ke tse hlano feela tse ithutetseng  litaba tsena ‘me esale ts’okolo e kholo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Hlakola 2024

Read Next

Standard Lesotho e pharalatsa litšebetso

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular