Vinkmag ad

La 3 Hlakola 2024

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (3,4-13)

Ak’u sitse mohlanka oa hau ka pelo e nang le kutloisiso, a tle a buse sechaba hao ka toka.

Matsatsing ao, Salomone a ea Gibeone, qalong e phahameng e khethehileng, ho nyehela sehlabelo teng. Salomone a nyehela licheso tse sekete aletareng eona eo. Gibeone, Morena o ile a iponahatsa ho Salomone bosiu torong. Molimo a re: Köpa seo u ka ratang hore ke u nehe sona.

Salomone a re: U etselitse Davida ntate, mohlanka oa hao, mohau o moholo, hobane o ile a tsamaea pela hao ka botšepehi ka ho loka le ka pelo e se nang mano. U ‘moloketse mohau ona o moholo, ua mo neha mora ea lutseng teroneng ea hae kajeno. Joale, Morena Molimo oa ka, ke uena ea behileng mohlanka oa hao khosi tulong tsa ntat’ae Davida; athe ‘na ke sa le mohlankanyana feela, ea e-song ho tsebe le ho itsamaisa.

‘Me mohlanka oa hao o har’a sechaba sa hao seo u ikhethetseng sona, e Ieng sechaba se seholohali, se ke keng sa lekanngoa Ieha e le ho baloa ka baka la bongata ba sona. Ha ho le joalo, ak’u sitse mohlanka oa hao ka pelo e nang le kutloisiso, a tle a buse sechaba sa hao ka toka, a khethe botle ho bobe. Hobane ke mang ea ka busang sechaba see sa hao se seholo hakale?

Ho ile ha khahlisa Morena, hore Salomone a kope ntho e joalo. Molimo a re ho eena: Ere ka ha u köpile ntho e joalo, u sa ka ua ikopela bophelo bo bolelele Ieha e le leruo kapa lefu la lira tsa hao, u mpa u iköpetse tsebo ea ho hlalohanya likahlolong tsa hao, ke se ke phetha kamoo u köpileng kateng; Ke u sitsa ka pelo e nang le bohlale, ke u neha le seo u sa se kopang, leruo le Ietlotlo, hoo bophelong ba hao, ho ke keng ha e-ba le ea kang uena har’a likhosi tsohle.

PESALEMA 118 (9-14. v. 12)

Nthute thato ea hau, Morena.

Morena, e mocha o tla boloka joang

tsela ea hae e hloekile?

Ka ho ela lipolelo tsa hao hloko.

Ke u batla ka pelo eohle ea ka,

se ntumelle ho kheloha melao ea hao.

Ka pelong ea ka ke phuthetse pallo ea hao,

e se re ka u fosetsa.

U bokoe Morena!

Nthute thato ea hao.

Leleme la ka le lokolisa

likahlolo tsohle tse tsoang molomong oa hao.

Ke thabela tsela ea litemoso tsa hao,

ho feta maruo ‘ohle.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6,30-34)

Ba ne ba ka linku tse se nang molisa.

 Ka nako eo, Baapostola ba khutlela ho Jesu, ba mo phetela tsohle tseo ba li entseng le tseo ba li rutileng. Eaba o re ho bona: A re tsoeleng thokoana, nahathothe, le ke le phomole ho se ho kae. Batho ba tlang ba khutla, ba ne ba le bangata hoo baapostola ba neng ba hloka le sebaka sa ho ja feela.

Eare hoba ba kene sekepaneng, ba ikela nahathothe ba inotši. Empa ba bangata ba ba bona ha ba tloha, ba ba ba elelloa moo ba lebang teng. Ke ha batho ba tsoang metseng eohle ba mathela teng ka maoto ‘me ba ba fihlela pele.

Ha Jesu a e-tsoa sekepaneng, a bona batho ba bangata hakalo, a ba utloela bohloko hobane ba ne ba ka linku tse se nang molisa, ‘me a qala ho ba ruta litaba tse ngata.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Hlakola 2024

Read Next

La 5 Hlakola 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular