Vinkmag ad

La 1 Hlakola 2024

Labone

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (2,1-4.10-12)

Ke se ke ea ka tsela ea batho bohle. Beta pelo, Salomone, u tšoare senna!

Ha nako ea lefu la Davida e se e le haufi, a laea mor’a hae Salomone, a re: Ke se ke ea ka tsela ea batho bohle. Beta pelo, u tšoare senna. Phetha tšoanelo ea hao mabapi le Morena Molimo oa hao, ka ho tsamaea tseleng tsa hae le ka ho boloka litaelo, melao, liqeto le litaolo tsa hae, ho ea kamoo ho ngotsoeng molaong oa Moshe kateng, e le hore u tle u atlehe mesebetsing eohle le mererong eohle ea hao.

Ke moo Morena a tla phethahatsa pallo eo a nketselitseng eona, ha a re: Ha eba bana ba hao ba itlhokomela metsamaong ea bona, ba tsamaea pel’a ka ka botšepehi, ka pelo eohle le ka moea oohle, ho ke ke ha hlokahala mohlahlami oa leloko la hao teroneng ea Israele.

Davida a ithoballa le bo-ntat’ae, a patoa Motseng oa Davida. Nako eo Davida a ileng a busa Israele ka eona e bile lilemo tse mashome a mane: a busa lilemo tse supileng a le Hebrone; a ba a busa lilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema. Eaba Salomone o lula teroneng ea ntat’ae Davida, ‘me puso ea hae ea e-ba e tiileng.

PESALEMA           (1,29,10-12.12)

MORENA, KE UENA EA BUSANG TSOHLE.

 Morena, Molimo oa Israele, uena ntat’a röna,

u bokoe ka mehla le mehla.

Morena, boholo le matla,

botlotlehi, khanya le letlötlo ke tsa hao,

 hobane leholimong le lefatšeng tsohle ke tsa hao.

Borena ke ba hao,

u phahametse tsohle, Morena.

Leruo le hlompho li tsoa ho uena,

ke uena ea busang tsohle. 

Matsohong a hao ke matla le bonatla,

matsohong a hao tsohle lia hola, lia matlafala.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (13,1-18)

Jesu a ba roma

Ka nako eo, Jesu a bitsa ba leshome le metso e ‘meli a ba roma ka bobeli, ‘me a ba fa matla holim’a meea e litšila. A ba laela hore ba se ke ba nka letho le ha e se lere feela: ba se nke bohobe kapa khetsi le chelete ho e sunya maqhameng a bona; ba mpe roale meqathatso, ‘me ba se ke ba nka kobo tse peli.

A re ho bona: Tlung efe kapa efe eo le kenang eona, le lule teng ho fihlela le tloha sebakeng seo, kapa kae moo ba sa tl’o le amohela leha e le ho le utloa, ha le tloha teng, itlhohloreng leröle maotong, e tle e be bopaki bo ba tsoang.

Eaba b’a tloha, ba il’o ruta batho hore ba bake. Ba leleka bademone ba bangata, ba tlotsa bakuli ba bangata ka oli ‘me ba ba folisa.

Vinkmag ad

Read Previous

Lihoai li’a bapatsa

Read Next

La 2 Hlakola 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular