Vinkmag ad

Likereke li kenya letsoho

Mokhatlo oa World Vision Lesotho ka kopanelo le Lekhotla la  Likereke Lesotho (CCL) o thakhotse morero oa Kereke le Bahlanka toants’ong ea phetoho ea boemo ba leholimo, o behiloeng tekong literekeng tsa Leribe le Mokhotlong nako ea lilemo tse peli. Tsena li bile Maseru ka la 26 Pherekhong monongoaha.

Mookameli oa World Vision Lesotho Monghali James Chifwelu, o supile hore  mokhatlo oa habo o shebane haholo le ntlafatso le ts’ireletseho ea bana. A re ke tokelo ea batho  bohle ho tsotella le ho hlokomela tikoloho, ‘me morero ona o lebeletsoe ho fihlela  bana ba 580,000 le malapa a 250,000 selemong sa 2025, o   ts’ehelitsoe ka M3.5 Millione.

Bishop Monaheng Sekese ho tsoa CCL o hlalositse hore ke nako ea hore likereke li bue ka litaba tsena e le ho ntlafatsa bophelo ba Basotho. O re ba tla kenyeletsa litaba tsa phetoho ea boemo ba leholimo le tikoloho kahar’a lithuto tsa kereke  ho ntlafatsa sechaba. A ipiletsa ho bohle ho khaotsa litloaelo tse mpe tse sa bolokeng bohloeki, ‘me bohle ba nke boikarabello ba ho boloka lefats’e le hloekile.

A re ke boikarabello ba baetapele ba Lesotho ka mekhahlelo ea  bona le baruti ho nka boikarabello ba ho fana ka thuto sechabeng,  ka ho hlokomela tikoloho le hore bana ba kenelle mererong e meholo ea ho hloekisa tikoloho. A re o rapela hore e le likereke ba tsamae leeto ‘moho ho se na ea saletseng morao.

Lebitsong la bana  litabeng tsa phetoho ea boemo ba  Leholimo, Liteboho Lebese, o re litlamorao tse tlisoang ke boemo bona li kotsi bokamosong ba bona, ‘me hara tse ling ke mafu le ts’ilafalo ea metsi. A re bana ba lokela ho hola ba hloekisa tikoloho, ba tseba ho e hlokomela, ba sa lahlele lithole hohle empa ba li isa  libakeng tse lokelang.

A re ke nako ea hore bana  mekhatlong ea bona ea metseng le likerekeng ba rutoe ka litaba tsa tikoloho, ho ts’oaroe litlholisano ho ba fa moea le lerato ka bohloeki. O re e bang ho ka ba joalo ho tla ba le sechaba se itlhokomelang le ho itsotella ka litsela tsohle. A re e se eka ba ka kenyeletsoa mererong e meholo ho ntlafatsa litaba tsa tikoloho le litsebo tsa bona.

Vinkmag ad

Read Previous

LDF Ladies e ntse e li hula pele

Read Next

Lihoai li’a bapatsa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular