Vinkmag ad

LDF Ladies e ntse e li hula pele

Sehlopha sa bolo ea maoto sa basali sa LDF se ntse se tsoelapele ho imatlafatsa ka hoba sona se ntseng se li hula nthau lokong le ho ba sona feela se phethetseng mokhahlelo oa pele oa Liki e Kholo ea Basali  se e-so hloloe,  ka ho sasara Kick4Life ka thupa e bohloko ea 3-0, papaling e bileng lebaleng la sekolo sa Temo, Maseru ka la 14 Pherekhong monongoaha.

Bompoli bana ba sireletsang loko lilemo tse tharo ka tatellano, ho bonahala ba e-na le bahlaba-lintlha ba ‘maloa, ba nang le boiphihlelo papaling ea bolo ea maoto, ba kenyeletsang har’a ba bang Phuzile Molefe, Tšoanelo Leboka le ‘Maseriti Mohlolo ea kotsi haholo ho feta bahlaba-lintlha bohle.  Ke ka lebaka lena lihlopha tse ngata tsa Liki e Kholo  ho seng bonolo ho  thiba LDF Ladies.

Ho ea ka mokoetlisi oa LDF Ladies, Lengana Nkhethoa sehlopha sa Kick4Life ke sa tse ling tsa lihlopha tse ba fang bothata haholo, tseo ha motho a ke keng a etsa moralo o hlakileng hantle oa papali, a ka iphumanang a le ka moo thakali e fatelang. A re ho latela boitokisetso ba bona ba papali, ba ba jele ka hloohong ka ho etsa moralo oa hore ba ke ba tlohele bolo e mona ea bona ea ho neheletsa libolo ka makhethe, empa ba ipapalle bolo e mpe feela.

“Morero e ne e le ho rahela libolo kapele “hobane re tseba hore mola oa bona o kamorao ha o utloa boima o lahleheloa ke taolo habonolo. Taba eo e ile ea re sebeletsa hantle haholo.” O boletse joalo a bile a phethela ka hore takatso ea hae e ntse e le ho fumana libapali tse peli, ha beng ba hae ba ka mo lumella e le ho matlafatsa sehlopha ha ba bapala liki ea naha le lipapaling tsa machaba.

Mokoetlisi oa Kick4Life, Teboho Takisi o itse ba ipone moo ba tlaitsing teng, ‘me taba ea bohlokoa ke ho lokisa liphoso. “Ba hlile ba re qetile ka moleng o kamorao, kaha re na le libapali tse ngata tse tsoileng likotsi selemong se fetileng.” A rialo. A tiisa hore ha ba kena mokhahlelong oa bobeli ba tlabe ba lokile. A qetella ka hore le eena morero o moholo e ntse e le ho fumana libapali, nakong e na fenstere e butseng e le ho matlafatsa sehlopha sa habo. Ka ho hlola papali ena e phethelang Liki e Kholo, LDF Ladies e se e hlabile lintlha tse 53, ha e-so hlajoe ntlha leha e le ‘ngoe lipapaling tse robong tseo e seng e li bapetse, ha e-s’o bapale ka ho lekana ho tloha ha selemo sa lipapali se qala, ‘me e na le lintlha-kholo tse 24. E hlahlangoa ke Kick4Life Ladies ka ho hlaba lintlha tse 27, ea lahleheloa ke papali e le ‘ngoe, ea hlajoa tse tšeletseng e na le lintlha-kholo tse 21.

Vinkmag ad

Read Previous

Sephetho se theohile

Read Next

Likereke li kenya letsoho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular