Vinkmag ad

La 9 Pherekhong 2024

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (1,9-20)

Morena a hopola Anna, ‘me Anna a beleha Samuele.

Matsatsing ao, hoba ho jeoe, ho nooe Shilo, Anna a tsoa. Moprista Eli o n’a lutse setulong a itšetlehile ka kosene ea monyako oa Tempele ea Morena. Anna a fihla a tlallane ke mosarelo, a rapela Morena, a ntse a lla habohloko. A ikana, a re: Morena oa makhotla, ha u ka mp’a talima tsietsi ea lekhabunyane Ia hao, ua nkhopola, u sa lebale lekhabunyane Ia hao, ua mpa ua le fa ngoana e motona, ke tla mo abela Morena bakeng Ia bophelo bohle ba hae, ‘me lehare ha Ie ka ke Ia ‘meola hlooho.

Eare ha a nts’a pheta-pheta lithapelo tsa hae pel’a Morena, Eli o n’a mo talimile melomong. Empa Anna o n’a buela ka pelong, a nts’a bebenya melomo feela, lentsoe lona le sa utloahale. Ka hoo, Eli a fumana e ka o tahiloe. Ebile Eli o re ho eena: U tla tahoa tjee ho fihlela neng? Hlatsa veine ena!

Empa Anna a fetola, a re: Che, moren’a ka, ke mosali ea litlallong; ha kea noa veine, leha e le seno se tahang, ke mpa ke phetela Morena mahloko a pelo ea ka. U se ke ua sheba lekhabunyane Ia hao e le motho oa masaoana; ha esale ho fihlela joale, ke ntse ke buisoa ke boima ba matlokotsi le masisa-pelo.

Ke moo Eli a ileng a araba, a re: Ikele ka khotso, ‘me Molimo oa Israele a ke a u sitse ka seo u se kopileng ho eena. Eena a re: Lekhabunyane Ia hao a le ke le fumane mohau ho uena. Mosali a nt’o ikela. A qala ho ja, sefahleho sa hae se se se se joaloka pele.

Ba tsoha e sa le hoseng, ‘me eare hoba ba khumamele Morena ba khutla, ba boela hâe ha habo bona, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosali oa hae, ‘me Morena a mo hopola. Ka nako ea teng Anna a emola, ‘me a beleha mora, a mo reha lebitso Ia Samuele, kaha o n’a re: Ke mo kopile ho Morena.

PESALEMA                            (2,1.4-5.6-7.8)

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Pelo ea ka e thabetse Morena,

ke tsoha molota ka baka Ia Molimo oa ka.

Ke tlepa lira tsa ka litšeho,

hobane ke thabetse pholoho ea hao.

Liqha tsa bahale li robehile,

athe ba fokolang ba itlamme thekeng ka matla.

Ba neng ba khora ba ikhirisetsa lijo;

athe ba neng ba lapa ha ba sa hloka ho sebetsa.

Nyopa e beleha ha supa,

athe ea bana ba bangata o saretsoe.

Morena o laola lefu le bophelo,

O theolela Qalong-ea-bafu, a be a inole.

Morena oa futsanehisa, ‘me oa ruisa,

oa kokobetsa, a be a phahamise.

O ntša mofutsana litholeng,

o nyolla mohloki thotobolong.

ho mo beha har’a mahosana

Ie ho mo fa setulo sa hlompho.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.      (1,21-28)

O n’a ba ruta joaloka ea nang le matla.

Jesu a kena tlung ea thapelo Kafarnauma, ka letsatsi Ia sabbatha ‘me a qala ho ruta batho. Ba ne ba tsota thuto ea hae, ka hobane o n’a ba ruta joaloka ea nang le matla, e seng joaloka bangoli.

Tlung ena ea bona ea thapelo ho no ho le teng motho ea tšoenngoang ke moea o litšila, ea ileng a hooa, a re: U re batla’ng Jesu oa Nazaretha? Ana u tletse ho re timetsa? Kea tseba hore na u mang: u Ea halalelang oa Molimo. Jesu a mo khalemela, a re: Thola u b’u tsoe ho motho eo. ‘Me moea o litšila oa mo tsukutlaka, oa bokolla habohloko, eaba o tsoa ho eena.

Bohle ba makala, ba ba ba botsana, ba re: Hona ke’ng? Thuto ena e ncha ke e joang, e rutoang ke motho ea matla hakale, ea bileng a laelang esita le meea e litšila ‘me e mo mamele? ‘Me kapele-pele botumo ba hae ba tlala naheng eohle ea Galilea.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Pherekhong 2024

Read Next

La 10 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular