‘Mantaha
MOKETE OA TLHATSUO EA MORENA
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (42,1-4.6-7)
“Ke eo mohlanka oa ka, eo ke khahloang ke eena.”
Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Ke eo mohlanka oa ka, eo ke mo emelang, mokhethoa oa ka, eo ke khahloang ke eena. Ke mo sitsitse ka moea oa ka, hore a tle a tlisetse lichaba toka.
A ke ke a hoeletsa, leha e le ho phahamisa lentsoe, kapa hona ho etsa hore le utloahale litseleng. A ke ke a poma lehlaka le robehileng, kapa a tima lebone le taitsang. O tla tlisa toka e le ka ‘nete. A ke ke a thekesela leha e le ho nyahama pelo, pele a ka hloma toka lefatšeng; hobane lihleke-hleke li lebeletse taolo tsa hae.
‘Na ke le Morena, ke u bilelitse ho lokeng, ka tšoara letsoho Ia hao, ka u bopa ‘me ka u behela ho ba selekane sa sechaba le leseli Ia lichaba, ho tutubolla mahlo a lifofu, ho ntša ba holehiloeng litlamong le ba lutseng lefifing lichankaneng.
PESALEMA 28
MORENA O TLA HLOHONOLOFATSA SECHABA SA HAE KA KHOTSO.
Lona bara ba Molimo, tlotlisang Morena,
le ananele tlötla le matla a hae.
Ananelang tlötla e lokelang lebitso Ia Morena,
khumamelang Morena ea tlang a khanya khalalelo.
Lentsoe Ia Morena le utloahala holim’a metsi,
Morena o phahametse metsi a mangata-ngata.
Lentsoe Ia Morena le matla,
lentsoe Ia Morena lea tlotleha.
Molimo ea tlotlehang o etsa hore le thoathoaretse;
ka tempeleng ea hae bohle ba re: oa tlotleha.
Morena o n’a rene holim’a metsi a moroallo,
Morena o rena e le khosi ka mehla.
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (10,34-38)
“Morena o ile a mo etsa motlotsuoa, ka ho mo fa Moea o Halalelang.”
Matsatsing ao, Peterosi a qala ho bua, a re: Ka ‘nete, kea bona hore Molimo ha a ee ka tšobotsi ea motho, empa sechabeng sefe kapa sefe, ea mo tšabang ‘me ea etsang se lokileng oa amoheleha ho eena. Molimo o ile a romela molaetsa oa hae ho bana ba Israele, a ba tlisetsa taba tse monate, tsa khotso, ka Jesu Kriste, eo e leng Morena oa bohle.
Le tseba tse etsahetseng naheng eohle ea Judea, tsa Jesu oa Nazaretha, ea ileng a qala mosebetsi oa hae Galilea, ka morao ho hlatsuo e rutiloeng ke Joannes, kamoo Molimo a ileng a mo etsa motlotsuoa kateng, ka ho mo fa Moea o Halalelang le matla; ‘me eena Jesu a tsamaea kahohle a thusa batho, a folisa ba neng ba le tlas’a matla a diabolosi, hobane Molimo o n’a e-na le eena.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (1,6-11)
“U Mor’a ka ea ratehang, ke khahloa haholo ke uena.”
Ka nako eo, Joannes Mohlatsoi o n’a ruta, a re: Ka morao ho ‘na, ho tla tla ea matla ho mpheta, eo ke sa tšoaneleng le ho inama ho lokolla maqhoele a meqathatso ea hae. ‘Na ke le hlatsoitse ka metsi, athe eena o tla le hlatsoa ka Moea o Halalelang.
Matsatsing ao, ha etsahala hore Jesu a tlohe Nazaretha e Galilea, a e’o hlatsuoa ke Joannes nokeng ea Jordane. Eare ha a e-tsoa metsing, a bona maholimo a phetlehile, le Moea o theohela ho eena joaloka leeba. ‘Me ha utloahala lentsoe le tsoang leholimong, le reng:
U Mor’a ka ea ratehang, ke khahloa haholo ke uena.
