Vinkmag ad

La 31 Pherekhong 2024

Laboraro

Sehopotso sa John Bosco ea halalelang

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele.  (24,2.9-17)

Ke ‘na ea fositseng, ke balile palo ea sechaba; mohlape oo, oona o entse’ng?

Matsatsing ao, Khosi Davida ea laela Joabe le balaoli ba mabotho, ba neng ba e-na le eena, ea re: E-eang le meloko eohle ea Israele, ho tloha ka Dane ho ea fihla Beersheba, le bale batho, ke tle ke tsebe palo ea sechaba. Joabe a tlisetsa khosi palo ea bongata ba sechaba. Israele e n’e e-na le likete tse makholo a robeli tsa bahlabani ba tsebang ho tšoara sabole; bahlabani ba Juda ba ne ba le likete tse makholo a mahlano. Hoba Davida a bale sechaba, a sehoa ke letsoalo ‘me a re ho Morena: Ke entse sebe se seholo ka ketso ena ea ka. Joale Morena, ak’u tšoarele molato oa mohlanka oa hao joale, etsoe ruri ke sebelitse ka bothoto.

Eitse ka le hlahlamang ha Davida a tsoha, Lentsoe Ia Morena Ia fihlela moprofeta Gade, seboni sa Davida, Ia re: Tsamaea u re ho Davida: Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke u fa hore u ikhethele linthong tse tharo, ke tle ke u otle ka e ‘ngoe ea tsona.

Ha Gade a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho eena: Ha e le hore u oeloe ke tlala lilemo tse supileng naheng ea hao, e le hore u balehe khoeli tse tharo pel’a sera se u tebelisang, kapa e le hore ho be le lefu Ia seoa naheng ea hao matsatsi a mararo, u ikhethela’ng? Imamele, u mpolelle hore na karabo eo ke tla e isa ho ea nthomileng ke efe.

Davida a re ho Gade: Ke tsielehile hakakang! Re ka mpa ra oela matsohong a Morena, hobane mohau oa hae o moholo, ho e-na le ho oela matsohong a batho. Eaba Morena o romela lefu Ia seoa Israeleng, ho qala ka eona nako eo ea hosasa ho ea fihla nakong e behiloeng. Ho tloha Dane ho ea fihlela Beersheba, ha e-shoa batho ba mashome a supileng a likete har’a sechaba.

Eitse ha Lenyeloi le otlollela letsoho nq’a Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ka baka Ia kotlo ena. Eaba o re ho Lenyeloi le timetsang sechaba: Ho sa lekane; khutlisa letsoho Ia hao joale! E ne e le ha Lenyeloi Ia Morena le eme pel’a seotlo sa Arauna oa mo-Jebuse.

Ha Davida a bona lenyeloi le bolaeang sechaba, a bua le Morena, a re: Ke ‘na ea fositseng, ke ‘na ea entseng sebe. Mohlape oo, oona o entse’ng? Letsoho Ia hao le mpe le otle ‘na le ba ntlo ea ntate!

PESALEMA 31   (1-2.5-7. 5)

MORENA, U NTŠOARELE MOLATO OA SEBE SA KA

Ho lehlohonolo eo sebe sa hae se tšoaretsoeng

eo phoso ea hae e hlakotsoeng

Ho lehlohonolo motho

eo Morena a sa ‘meheng molato,

eo ho seng mano moeeng oa hae.

Ke ile ka u bolella sebe sa ka,

ka se ke ka u patela molato oa ka.

Ka re: Ke tla ipolela phoso ea ka ho Morena

‘me uena u ntšoaretse molato oa sebe sa ka

Ha feela e mong le e mong oa metsoalle ea hao

a ka u rapela nakong ea mathata,

moroallo oa metsi o ke ke oa mo fihlela.

Ke uena setšabelo sa ka, u mphemisa matšoenyeho

u etsa hore ke teeloe hare ka litlatse tsa pholoho.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.        (6,1-6)

Ha ho moo moprofeta a hlompholloang, ha e se motseng oa habo.

Ka nako eo, Jesu a boela motseng ha habo, ‘me barutuoa ba hae ba ea le eena. Ka letsatsi Ia sabbatha, a qala ho ruta tlung ea thapelo; ‘me ba bangata, ha ba mo utloa, ba tsota, ba re: Tsee kaofela eo o li nka kae? Bohlale boo, boo a bo filoeng, ke bo joang? Le liketso tsee tse matla tse etsoang ka matsoho a hae li hlaha kae? Na eo ha se ‘metli oa mapolanka, mor’a Maria, le ngoan’abo Jakobo le Josefa le Juda le Simone? Ana le likhaitseli tsa hae ha li moo har’a röna?

Ba ne ba khopiseha ke eena. Eaba Jesu o re ho bona: Ha ho moo moprofeta a hlompholloang, ha e se motseng oa habo, har’a bang ka eena le lapeng labo.

O n’a sitoa ho etsa mohlolo ofe kapa ofe moo, ha e se oa ho folisa bakuli ba seng bakae, ka ho ba beha matsoho. O n’a makalla ho sa lumele ha bona, ‘me o n’a e-ea le metsana e ka mathoko, a nts’a ruta.

 

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Pherekhong 2024

Read Next

Thuto ke tokelo-Rapapa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular