Vinkmag ad

La 30 Pherekhong 2024

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (18,9-10.14.24-25.30-19,3)

Mor’a ka, Absalome, hoja e be ho shoele ‘na, e seng uena!

Matsatsing ao, Absalome a tšoha a se a khahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o n’a palame ‘moulo. Ha ‘moulo o fihla tlas’a makala a sefate se seholo sa eike, hlooho ea Absalome ea tšoasoa eikeng, ‘me a sala a leketlile pakeng tsa Ieholimo le lefatše; ‘moulo oona oa monyoha tlas’a hae, oa ikela. Monna e mong a ‘mona, a ba a tsebisa Joabe, a re: Hela, ke bone Absalome a leketlile eikeng.

Eaba Joabe o nka marumo a mararo ka letsohong, a ea hlaba Absalome pelong ka ‘ona. Absalome o n’a nts’a tšoasitsoe eikeng a nts’a phela.

Davida o n’a lutse pakeng tsa menyako e ‘meli ea khoro ea motse, molebeli a ntse a tsamaea holim’a lerako Ia khoro. Eitse ha a phahamisa mahlo, a bona ho hlaha monna a le mong a matha.

Molebeli a hoeletsa, a tsebisa khosi. Khosi ea re : Ha eba a Ie mong, o re tlela le litaba tse monate. Khosi ea re: Sutha, u eme mane. A sutha, a emela thoko. Ha fihla mo-Kushe ‘me a re: Khosi moren’a ka a ke a utloe taba tse monate tseo ke tlang ka tsona. Kajeno lena Morena o u ahloletse ‘me o u nt’sitse liatleng tsa bohle ba u fetohetseng.

Khosi ea re ho mo-Kushe: Na mohlankana me o sa iphelela hantle? Mo-Kushe a re: Lira. moren’a ka, le bohle ke ba ba be u joaloka fetohelang, mohlankana ba batlang lihela koluoa, ba

Khosi ea nyaroha, ea hloella phaposing e ka holim’a khoro, ea qala ho lla. Eaba e ntse e tsamaea ka teng e ntse e re: Mor’a ka Absalome, mor’a ka! Mor’a ka Absalome, hoja e be ho shoele ‘na, e seng uena, Absalome mor’a ka, mor’a ka!

Eaba Joabe oa tsebisoa, ho thoe: Khosi ea lla, e Ilela Absalome. Tsatsing leo, tlholo ea fetoha bofifi bakeng Ia mabotho ‘ohle hobane tsatsing leo mabotho a ile a utloa hore khosi e mahlomoleng ka baka Ia mor’a eona.

Pesalema 85    (1-6.  1)

Sekeha tsebe, Morena, ‘me u nkarabe.

Sekeha tsebè, Morena, ‘me u nkarabe.

hobane ke mofutsana le mohloki.

U mpaballe hobane ke motsoalle oa hao,

pholosa mohlanka oa hao ea u ts’epang.

U nkhauhele, Morena, Molimo oa ka,

hobane ke hoeletsa ho uena tsatsi lohle.

Thabisa pelo ea mohlanka oa hao,

hobane ke nyollela pelo ea ka ho uena, Morena.

Ruri uena, Morena, u molemo, ua tšoarela,

u tletse mohau ho bohle ba u rapelang.

Morena, sekehela thapelo ea ka tsèbè,

u ele lentsoe Ia thapeli ea ka hloko.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.       (5,21-43)

Ngoanana ke re ho uena, tsoha!

Ka nako eo, hoba Jesu a tšelele mose oane ka sekepana, matšoele a maholo a mo khobokanela. O n’a le lebopong Ia leoatle. Eaba ho tla ho eena motsamaisi e mong oa ntlo ea thapelo, ea bitsoang Jairuse. Ha a

bona Jesu, a itihela maotong a hae, a mo kopa ka matla a re: Moralinyana oa ka o lekhatheng la lefu; ak’u tle, u ‘mehe letsoho, a tle a fole ‘me a phele.

Jesu a ea le eena. Letšoelehali le ne le mo latela, le mo pupelitse. Ho ne ho le teng moo mosali e mong eo e neng e s’e le lilemo tse leshome le metso e ‘meli a tšoenngoa ke phallo ea mali. O n’a s’a ile a utloa mahloko a tšabehang tlas’a tšebetso ea lingaka tse ngata, hoo a neng a se a qetile lintho tsohle tsa hae, a sa fumane thuso le e nyenyane, empa bohloko bona bo ntse bo tota.

Eare hoba a utloe tsa Jesu, a kena har’a letšoele, a atamela kamorao ho eena, ‘me a ama seaparo sa hae. Hobane o n’a re: Ha feela nka mpa ka ama liaparo tsa hae, ke tla pholoha. Hang-hang phallo ea mali ea khaotsa, a ikutloa ‘meleng hore o folile bohlokong ba hae.

Kapele-pele Jesu, ka ho tseba hore matla a tsoile ho eena, a retelehela ho letšoele, a re: Ke mang ea ammeng liaparo tsa ka? Barutuoa ba hae ba re ho eena: U ntse u bona letšoele kamoo le u patisitseng kateng, feela u botsa hore na ke mang ea u ammeng?

Eena o n’a nts’a qamaka kahohle ho bona ea entseng joalo. Mosali, hobane eena a n’a tseba se etsahetseng ka ho eena, a qala ho tšoha le ho thothomela; eaba oa tla, o fihla a itihela pel’a hae, a ‘molella ‘nete eohle. Jesu a re ho eena: Morali oa ka, tumelo ea hao e u pholositse. Ikele ka khotso; ebe ke ha u folile bohlokong ba hao.

Eare a sa ntsane a bua, ba bang ba tsoang ha motsamaisi oa ntlo ea thapelo, ba fihla ba re ho Jairuse: Morali oa hao o hlokahetse; u sa nts’u khathaletsa’ng Moruti na? 

Empa Jesu, ha a utloa pihi e tlisoang ke bona, a re ho motsamaisi oa ntlo ea thapelo: U se ke ua tšaba, u mp’u be le tumelo feela. ‘Me ha a ka a lumella motho ho mo sala morao, ha e se Peterosi, le Jakobo le Joannes, ngoan’abo Jakobo.

Ba fihla tlung ea motsamaisi oa ntlo ea thapelo. A bona mofere-fere, batho ba Ilang, ba bile ba bokolla habohloko. A kena, a re ho bona: Le etsetsa’ng mofere-fere ona? Le Ilela’ng na? Ngoanana ha a shoa, o mpa a robetse.

Ba mo t’seha. Empa eena, hoba a ba ntšetse kantle kaofela, a kena moo ngoanana a robetseng teng, a e-tla le ntat’a ngoanana le ‘mae, le ba neng ba e-na le eena. A tšoara ngoanana ka letsoho, a re ho eena: “Talitha Kum”! Ke ho re, ha ho fetoleloa: Ngoanana, ke re ho uena, tsoha !

Hang-hang ngoanana a tsoha, a qala ho tsamaea; e ne e le ngoanana ea lilemo li leshome Ie metso e ‘meli. Batho ha ba bona hoo, ba makala haholo. Eaba Jesu o ba laea ka thata hore ho se ke ha e-ba motho ea tsebang taba ena; a ba bolella hore ba fe ngoanana lijo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Pherekhong 2024

Read Next

La 31 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular