Vinkmag ad

La 29 Pherekhong 2024

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (15,13-14.30;16,5-13)

Re balehe Absalome. Tlohelang Shimei a rohakane, hobane Morena o mo laetse joalo.

Matsatsing ao, motho e mong a tla bolella Davida, a re: Lipelo tsa ba-lsraele li se li hohetsoe ke Absalome. Davida a re ho bahlanka bohle ba hae bao a neng a e-na le bona Jerusalema: Tloong, re balehe! Ho seng joalo, re ke ke ra phonyoha ho Absalome. Potlakang le tsamaee, esere a phakisa a re tsometsa, a re lihela koluoa, a ba a ripitla le motse ka bohale ba sabole.

Joale Davida a nyolosa moepa oa thaba ea Mehloare, a hloa a nts’a Ila, a ikhurumelitse, a tsamaea a rotse le lieta; le batho bohle ba tsamaeang le eena ba ne ba ikhurumelitse lihloho, ba e-hloa ba ntse ba Ila.

Ha khosi Davida a fihla ka nq’a Bahurime, ha tsoa teng monna oa leloko la habo Saule, ea bitsoang Shimei, mor’a Gera. A tla a nts’a rohakana. A betsa Davida ka majoe, ‘moho le bahlanka bohle ba khosi Davida, leha mabotho ‘ohle le bahale bohle ba ne ba tsamaea ba teetse khosi hare.

Shimei a rohakana, a re: Tloha, tloha, mona, ‘molai tooe, ntho e sa tsebisahaleng! Morena o entse hore mali ‘ohle a ntlo ea Saule a botsoe holim’a hloho ea hao. U ikhapetse borena ba hae, ka hoo Morena o file mor’a hao Absalome puso. U tlokotsing joale, hobane u ‘molai.

Eaba Abishai, mor’a Tseruja, o re ho khosi: Ntja e shoeleng ee e rohakela’ng khosi moren’a ka? U ntumelle ke e’o mo poma hloho. Empa khosi a re: Taba ea röna le löna ke efe, bara ba Tseruja? Mo tlohele a rohakane! Ha Morena a mo laetse ho rohaka Davida, ke mang ea ka reng ho eena: U etsetsa’ng joalo?

Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Ha esita le ngoan’a ka eo ke mo tsoetseng a tsoma bophelo ba ka, mo-Benjamine eo o tšoanetse ho mo feta hakakang! Mo tloheleng a rohakane, hobane Morena o mo laetse joalo. Mohlomong Morena o tla talima tšoenyeho ea ka, a mpuseletse ka tse ntle bakeng sa lithohako tsa kajeno tsa motho eo.

Eaba Davida Ie batho ba hae ba itsoella pele tseleng ea bona.

PESALEMA 3   (2-7. 7)

                           Ema, Morena, u tl’o mpholosa

Morena, lira tsa ka li ngata hakaakang,

ba bangata hakaakang ba ikemiselitseng ho ntoantša!

Ba bangata hakaakang ba reng ka ‘na

 “pholoho eo a ka e fumanang ho Molimo”!.

   Athe, uena Morena, u thebe e nqobeletsang;

   ke ithorisa ka uena, uena ea ntsosang molota.

Ke hoeletsa ho Morena ka lentsoe le phefa,

‘me eena o nkaraba

  a nts’a le thabeng e halalelang ea hae.

Kea ithoballa, ke khalehe,

ke be ke itsohele, hobane Morena oa ntšehetsa.

 Nke ke ka tšaba letho,

esita leha likete-kete tsa batho

li ntlhahile ka mahohle.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (5,1-20)

Tsoa ho motho eo, uena moea o litšila.

Ka nako eo, Jesu le barutuoa ba hae ba fihla mose oane ho leoatle, naheng ea Ba-Gerasa. Eare a sa tsoa sekepaneng, a khahlanyetsoa ke motho ea tsoang mabitleng, ea nang le moea o litšila. O n’a lula mabitleng, ‘me ho no ho se ea ka mo tlamang, esitana le ka liketane; hobane hangata ha a tlamiloe ka litšepe maotong le ka liketane matsohong, o n’a khaola liketane, a roba litšepe likotoana, ‘me ho no ho se ea ka mo hlölang. Ka mehla, nyene le bosiu, o n’a le mabitleng le lithabeng, a ikitletsa ka majoe.

Eitse ha a bona Jesu a sa le hole, a matha, a mo khumamela, ‘me a höoa ka lentsoe Ie phefa, a re: Taba ea ka le uena ke efe, Jesu, Mor’a Molimo e moholo-holo? Ke u rapela ka Molimo, u se ke ua ntlhokofatsa. Hobane Jesu o n’a re ho eena: Tsoa ho motho eo, uena moea o litšila. Joale Jesu a o botsa, a re: Lebitso Ia hao u mang? Oa araba, oa re ho eena: Lebitso Ia ka ke Lebotho, hobane re bangata. ‘Me o n’o mo rapela haholo hore a se ke a o leleka naheng eo.

Ho no ho le teng moo thabeng, mohlape o moholo oa likolobe tse fulang. Eaba meea e litšila e rapela Jesu e re: Re romele likolobeng tseo, re kene ho tsona. A e lumella. Meea e litšila ea tsoa ho motho, ea kena likolobeng, ‘me mohlapeoa matha, oa itsubelletsa leoatleng. Li ne li batla li etsalikete tse peli, ‘me tsa khanngoa ke metsi leoatleng.

 Eaba ha Jesu a kena sekepaneng, ea neng a khathatsoa ke modemone a mo rapela hore a ‘ne a be le eena. Jesu ha a ka a mo lumella, empa a re ho eena ikele haeno ho bana beno; u ba bolelle tse kholo tse Molimo a u etselitseng tsona, le kamoo a ileng a u hauhela kateng.

Eaba oa ikela ‘me a qala ho tumisa naheng ea Dekapolise tse kholo tseo Jesu a mo etselitseng tsona; ‘me bohle ba ne ba makala.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Pherekhong 2024

Read Next

La 30 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular