Vinkmag ad

La 27 Pherekhong 2024

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele 12,1-7.10-17

Matsatsing ao, Morena a romela Nathane ho Davida. A fihla ho eena, a re: Ho ne ho le teng banna ba babeli motseng o Ie mong, e mong e le morui, e mong e le mofutsana. Morui o n’a e-na le likhutšoane le liphoofolo tse ling ka bongata bo boholo haholo. Mofutsana eena o n’a se na letho ha e se konyana e le ‘ngoe e ts’ehlana eo a neng a e rekile. O n’a e õtla, e nts’e hölela ha hae ‘moho le bana ba hae, e e-ja lijo tsa hae, e noella mohopeng oa hae, e robala sefubeng sa hae; ho eena e n’e ka ke morali.

Ha etsahala hore morui a fihleloe ke moeti. Morui, ka baka Ia bokhonatha, a se ke a nka likhutšoaneng kapa liphoofolong tsa hae ho hlabela moeti ea fihletseng ha hae. A mpa a ea nka konyana ea mofutsana, ho e hlabela moeti oa hae.

Davida a halefela motho eo haholo, a ba a re ho Nathane: Ka Molimo ea phelang, motho ea entseng hoo o lokeloa ke lefu. A lefe konyana eo ka tse ‘ne, hobane o entse ntho ena, o hlokile mohau. Nathane a re ho David: Motho eo ke uena!

Joale sabole ha e sa tla hlola e sutha tlung ea hau, ka baka la hobane u ‘nyelisitse, u nkile mosali oa Uria oa Mo-Hethe, hore e be mosali oa hao. Ke sena seo Morena a se bolelang: Bona, ke tla u tlisetsa bobe bo tla hlaha ka ba ntlo ea hao. Ke tla nka basali ba hao u nts’o le teng, ke ba fe oa heno ea tla robala le bona tsatsi le chabile. Uena, u entse ka sephiri, athe ‘na ke tla phethahatsa sena mahlong a Ba-lsraele bohle, tsatsi le chabile.

Eaba Davida o re ho Nathane: Ke entse sebe, ke sitetsoe Morena. Nathane a re ho Davida: Morena o sa u tšoaretse sebe sena; ha u na ho shoa, empa, ka baka Ia hobane u nyelisitse Morena ka ketso ena, ngoana eo u mo tsoaletsoeng eena o tlamehile ho shoa.

Eaba Nathane o boela hae. Morena a otla ngoana ea tsoaletsoeng Davida ke mosali oa Uria; a kula haholo Davida a itima lijo e le kannete, ‘me ha a ea tlung a itheta fatše bosiu bohle. Baholo ba ntlo ea hae ba mo qophella hore a tsohe fatše, a mpa a hana, a hana le ho ja le bona.

PESALEMA 50     (12-17. 12)

Mpopele pelo e hloekileng, oho Molimo.

Mpopele pelo e hloekileng, oho Molimo,

 nchafatsa ka ho ‘na moea o tiileng.

U se ntahlele hole le sefahleho sa hao,

u se nkamohe moea o halalelang oa hao.

U mpuseletse thabo ea pholoho ea hao,

ke tle ke tšehetsoe ke moea o motle.

Ba fosang ke tla ba ruta litsela tsa hao,

baetsalibe ba tla khutlela ho uena.

Mphemise lefu, Morena Molimo, mopholosi oa ka,

‘me ke tla tumisa toka ea hao.

Morena, ahlamolla molomo oa ka,

‘me leleme Ia ka le tla bolela lithoko tsa hau.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (4,35-40)

Enoa ke mang, ha e le moo moea le leoatle li mo mamela?

Mantsiboeng a letsatsi lona leo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Are ts’eleleng mose oane. Hoba ba qhale mats’oele, ba ea le eena ka sekepana seo a neng a le ho sona; ‘me likepana tse ling tsa mo felehetsa. Ke ha ho tsoha moea o matla oa sefefo, maqhubu a khaphaletseha ka sekepaneng, hoo sekepana se bileng sa tlala.

Ha e le eena, o n’a le sebakeng se kamorao, a ithobaletse mosamong. Eaba baa mo tsosa ba re ho eena: Moruti, ha u tsetelle leha re timela na? A tsoha, a khalemela moea, ‘me a re ho leoatle: Thola, u khutse! Joale moea oa khaotsa, ha e-ba le khutso e kholo. A nt’o re ho bona: Le boi ke’ng? Le sa ntsane le hloka tumelo le joale? Bona ba ts’oha haholo, ba botsana, ba re: Enoa ke mang ha e le moo moea le leoatle li mo mamela?

Vinkmag ad

Read Previous

La 26 Pherekhong 2024

Read Next

La 29 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular