Vinkmag ad

La 26 Pherekhong 2024

Labohlano

Ho baloa bukeng ea Bobeli ea Samuele 11,1-4.5-10.13-17

U ’nyelisitse, u nkile mosali oa Uria, hore e be mosali oa hao.

Ha selemo se thoasa, nakong eo marena a eeng a qale liphutuho ka eona, Davida a romela Joabe ‘moho le balaoli ba bang le Ba-lsraele bohle ntoeng. Ba ea, ba ripitla lefatše la Ba-Amone, ‘me ba lika-liketsa Rabba ka mabotho. Davida eena o n’a setse Jerusalema.

Mantsiboeeng a tsatsi le leng, hoba Davida a tsohe liphateng, ha a ntse a itsamaela holim’a ntlo ea borena, a bona a nts’a le moo, mosali ea tolang. E n’e le mosali e motle haholo. Eaba Davida o romela motho ho ea batla hore na mosali eo ke mang.  Ha thoe: Ebe ha se Bathesheba, morali oa Eliame, mosali oa Uria oa Mo-Hethe?

Eaba Davida o romela maqosa ho mo lata; mosali ha a fihla ho eena, Davida a robala le eena. Mosali eo a emola. A romela motho ho tsebisa Davida hore ke moimana. Ke ha Davida a romela molaetsa ho Joabe, a re: Nthomele Uria oa Mo-Hethe. Joabe a romela Uria ho Davida.

Eitse ha Uria a fihla, Davida a ‘motsa tsa Joabe, tsa mabotho, le tsa ntoa. Davida a nt’o re ho Uria: Theohela lapeng u e’o itlhatsoa maoto. Uria a tsoa tlung ea khosi, ‘me khosi ea mo salisa mpho ea lijo morao. Empa Uria a robala monyako oa ntlo ea khosi, ‘moho le bahlanka ba bang bohle ba mong’a hae, a se ke a theohela lapeng. Davida a tsebisoa hore Uria ha a ka a theohela lapeng.

Ka le hlahlamang, Davida a mema Uria ho ea ja le ho noa le eena, ‘me a mo tahisa. Empa mantsiboea Uria a tsoa, a ea ithoballa kobong tsa hae har’a bahlanka ba mong’a hae, a se ke a theohela lapeng.

Ka la hosasane Davida a ngolla Joabe lengolo, leo a ileng a le romela ka Uria. Lengolong lena o n’a itse: U behe Uria moleng o ka pele, moo ntoa e leng boima, le be le tširuhe pel’a hae a tle a nepuoe, a shoe.

Joabe, ea neng a ithutile motse, a beha Uria moo a neng a tseba hore ho tla loanoa ea khumamela. Ha banna ba motse oo ba e-tsoa ho ea thulana le Joabe, masole a mang a basireletsi ba Davida a oa; Uria oa Mo-Hethe le eena a bolaoa.

PESALEMA 50

HO BOKOE MORENA, MOLIMO OA ISRAELE, HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.

O re hlometse matla a pholoho  

tlung ea Davida, mohlanka oa hae,

     joaloka ha a n’a boletse ka molomo oa bahalaleli,

     e leng baprofeta ba hae ba mehla ea khale.

     Ke pholoho ho rona lireng tsa röna,

     liatleng tsa bohle ba re hloileng.

     Ena ke ketso ea mohau ho bo-ntat’a röna,

    ke khopotso ea selekane se halalelang sa hae.

    Ke kano eo a e hlapanyelitseng Abrahama, ntat’a rona,

ea hore o tla re ntša liatleng tsa lira tsa rona,

a etse hore re mo sebeletse, re sa ts’abe letho,

re mo sebeletse, re sa tšabe letho,

ka khalalelo le ka ho loka,

re le pel’a hae ka litšiu tsohle tsa rona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.(4,26-34)

Ha motho a lietse peo mobung, ha a robetse peo e ntse e mela; joang? Ha a tsebe.

Ka nako eo, Jesu a bua Ie matšoele, a re: ‘Muso oa Molimo o joaloka ha motho a jetse peo mobung. Bosiu, ha a robetse, kapa motšeare, ha a tsohile, peo e ntse e mela ‘me e höla; joang, ha a tsebe. Hobane mobu ka bo oona o melisa lekhaba pele, kamorao e be qoapi, e nt’o ba koro e butsoitseng qoaping. Ha koro e butsoitse o kenya sekele kapele-pele, hobane e se e Ie nako ea kotulo.

Hape o n’a re: Re tla tšoantša ‘muso oa Molimo Ie eng? Kapa re tla o bapisa ka eng? O joaloka tlhaku ea mosetareda, e jaloang mobung, e Ie eona e nyenyane har’a lipeo tsohle lefatšeng; empa ha e se e jetsoe, e ee e mele ‘me e be kholo ho feta litlama tsohle, e makala a maholo, hoo linonyana tsa leholimo li ka ahang moriting oa ‘ona.

Ka lipapiso tse ngata tse joalo, o n’a ba bolella Lentsoe la Molimo kamoo ba ka Ie utloisisang kateng. ‘Me o n’a sa ba bolelle letho, ha e se ka lipapiso: athe o n’a hlalosetsa barutuoa ba hae litaba tsohle, ha ba Ie inotši.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 Pherekhong 2024

Read Next

La 27 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular