Vinkmag ad

La 24 Pherekhong 2024

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (7,4-17)

Ke tla u fa mohlahlami, mora oa hao ea tsoetsoeng ke uena ke be ke tiise borena ba hae.

Matsatsing ao, lentsoe la Morena la fihlela Nathane, la re: Tsamaea, u bolelle mohlanka oa ka Davida, u re: Ke sena seo Morena a se bolelang: Na ke uena ea tla nkhahela ntlo eo ke tla aha ho eona?

Ho tloha mohla ke neng ke ntša bana ba Israele Egepeta ho fihlela kajeno, ha ke e-s’o lule ka tlung, empa leetong la ka ke ne ke itulela tenteng le motlotloaneng. Hohle moo ke fetileng teng le bana bohle ba Israele, ana nkile ka hlahisa pelaelo le ho a le mong oa baahloli bao ke ba behetseng ho lisa sechaba sa ka sa Israele, ka re: Ke’ng ha le sa nkhahele ntlo ea likedare na?

Joale, bolella mohlanka oa ka Davida, u re ho eena: Ke sena seo Morena oa makhotla a se bolelang: Ke ne ke u late meraka, linkung, ho tla u beha motsamaisi oa sechaba sa ka sa Israele.

Ke ile ka ba le uena hohle moo u tsamaileng teng, ‘me ka timetsa lira tsohle pel’a hao. Ke tla tumisa lebitso la hao, le be leholo joaloka mabitso a ba baholo ba lefatše. Ke tla khethela sechaba sa ka sa Israele sebaka; ke tla se hloma teng, se tle se lule qalong eona eo, se se ke sa hlola se tsukutloa ke letho, le ba khopo ba se phete ba se tuba joaloka pele.

Ho tloha ha ke beha baahloli holim’a sechaba sa ka sa Israele, ke uena eo ke mo fileng bolulo ba ho fenya lira tsohle tsa hao. Ke moo Morena a u tsebisang hore eena ka sebele o tla u hlomela ntlo.

Mohla nako ea bophelo ba hao e felang, u ithoballang le bo-ntat’ao, ke tla u fa mohlahlami, oa hao ea tsoetsoeng ke uena, ke be ke tiise borena ba hae. Ke eena ea tla aha ntlo tlotlisong ea ka, ‘me ke tla tiisa terone ea borena ba hae ka mehla.

Ke tla ba ntat’ae, eena e be mor’a ka. Ha a etsa bobe, ke tla mo shapa ka mokhoa oa botho, ke mo shape joaloka ha batho ba shapa bana ba bona. Empa nke ke ka mo amoha mohau oa ka, joaloka ha ke ile ka o amoha Saule, ke mo suthisitseng ka pele ho uena. Ntlo ea hao le borena ba hao li tla tiea pel’a ka ka mehla; terone ea hao e tla ema ka mehla. Nathane a phetela Davida taba tsena tsohle, tsohle tseo a ileng a li senoleloa.

PESALEMA 88  (4-5,27-28.29-30.)

KE TLA ‘MABALLA MOHAUNG OA KA KA MEHLA.

Ke hlabile selekane le mokhethuoa oa ka,

ka hlapanyetsa Davida, mohlanka oa ka,

ka re: Ke tla tiisa lesika la hao ka mehla,

le terone ea hao ho tloha molokong ho isa molokong.

O tla re ho ‘na; Ntate,

Molimo oa ka, lefika le mpholosang!

‘Me ‘na ke tla mo etsa letsibolo la ka,

le phahametseng likhosi tsohle tsa lefatše.

Ke tla ‘maballa mohaung oa ka ka mehla,

selekane sa rona le eena e tla ba se tiileng.

Ke tla tiisa lesika la hae ka mehla,

le terone ea hae ha feela maholimo a nts’a le teng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.  (4,1-20)

Mojali o n’a tsoile ho ea jala.

Ka nako eo, Jesu a boela a ruta, a le pel’a leoatle ‘me bongata bo boholo ba bokana ho eena, hoo a bileng a hloella sekepaneng, a lula ho sona leoatleng, ‘me batho bohle ba lula lebopong. O ile a ba ruta tse ngata ka lipapiso, ‘me thutong ea hae o n’a re ho bona:

Mamelang. Mojali o n’a tsoile ho ea jala. Ha a nts’a jala, peo e ‘ngoe ea oela tseleng ‘me linonyana tsa leholimo tsa tla, tsa e-ja kaofela. E ‘ngoe ea oela mokurutloaneng, moo e se nang mobu o mongata, ‘me ea phakisa ho mela, hobane e ne e se na mobu o tebileng. Joale ha letsatsi le chabile, ea e-cha ‘me ea omella, hobane e ne e se na metso. E ‘ngoe ea oela mobung o motle; eona ea mela, ea hola, ea beha: hlaku e ‘ngoe ea beha ha mashome a mararo, e ‘ngoe ha mashome a tšeletseng, e ‘ngoe ha lekholo. ‘Me a re: Ea nang le litsěbě ho utloa a ke a utloe!

Ha Jesu a se a le inotši, ba leshome le metso e ‘meli ba neng ba e-na le eena ba ‘motsa papiso eo. A re ho bona: Lona, le filoe ho tseba ‘nete e patehileng ea ‘muso oa Molimo; athe bona ba kantle, ba etsetsoa tsohle ka lipapiso; e le hore ho bona ba bone, empa ba se ke ba bontšisisa, le ho utloa ba utloe empa ba se ke ba utloisisa, e se re mohlomong ba sokoloha ‘me ba tšoareloa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 Pherekhong 2024

Read Next

La 25 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular