Vinkmag ad

La 20 Pherekhong 2024

Labotšelela

 Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (1,1-4.11-12.19.23-27)

Bahale ba oele joang moleng oa ntoa!

Matsatsing ao, ha Davida a khutla a hlotse ba-Amaleke, a lula Tsiklage matsatsi a mabeli. Ka tsatsi Ia boraro, ha fihla monna ea tsoang liahelong tsa Saule, liaparo tsa hae li tabohile, a tletse lerole hloohong. Hang ha a fihla ho Davida, a itihela fatše ka tlhompho.

Davida a re ho eena: U tsoa kae? Eo a re ho eena: Ke balehile liahelong tsa Israele. Davida a ‘motsa a re: Ho hlahile life? Ak’u mpolelle. Eo a re: Sechaba se balehile ntoeng, ba bangata har’a sona ba oele ‘me ba shoele; esitana le Saule ‘moho le mor’a hae Jonathane ba shoele.

Davida a tšoara liaparo tsa hae, a li tabola; le bohle ba neng ba e-na le eena ba mo etsisa. Ba bina koli ea malla, ba bokolla, ‘me ba itima le lijo ho fihlela mantsiboea, hobane Saule Ie mor’a hae Jonathane, le sechaba sa Morena e leng batho ba ntlo ea Israele, ba lihiloe ka sabole.

Davida a re: Jonna! Israele, boithoriso ba hao bo timetse holim’a thaba tsa heno! Ebe bahale ba oele joang? Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba khahleha, ha ba ka ba arohana leha e le bophelong kapa lefung. Ba ne ba ubella le ho feta lintsu, ba feta Ie tau ka matla.

Lona barali ba Israele, llelang Saule ea neng a le apesa ka tse khubelu, tse mahali-hali, a khabisa liaparo tsa lona ka mekhabo ea gauta. Bahale ba oele joang moleng oa ntoa? Jonathane o timetse holim’a thaba tsa heno!

Ke mesarelong ka baka Ia hao, Jonathane, ngoan’eso; u n’u rateha hakakang ho ‘na; ho ‘na setsoalle sa hao se ne se le mofuthu le ho feta lerato Ia mosali! Ebe bahale ba oele joang? Lihlomo tsa bona tsa sala joang lebaleng Ia ntoa?

PESALEMA 79                (2-3.5-7.  4)

U RE BONTŠE SEFAHLEHO SE ELILENG ‘ME RE TLA PHOLOHA.

Sekeha tsebe, Molisa oa Israele,

uena ea tsamaisang Josefa joaloka mohlape,

Tsosa matla a hao,

u tl’o re pholosa.

Morena, Molimo oa tsohle,

u tla halefela thapelo ea sechaba sa hao

ho fihlela neng?

Molimo oa tsohle, u boele u re khutlise,

u re bontše sefahleho se elileng,

‘me re tla pholoha

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka,  (3,20-21)

Ba ne ba re: O s’a fapane hlooho.

Ka nako eo, Jesu a khutlela hâe. Matšoele a boela a khobokana, hoo eena le barutuoa ba hae ba hlokileng le sebaka sa ho ja feela. Eare ha ba habo ba utloa hoo, ba phalla ho ea mo tšoara, hobane ba ne ba re: O s’a fapane hlooho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 Pherekhong 2024

Read Next

La 22 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular