Vinkmag ad

La 17 Pherekhong 2023

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (17,32-33.37.40 61)

Davida a hlola mo-Fitista ka letjeketjane le ka lejoe.

Matsatsing ao, hoba Davida a tlisoe ho Saule, Davida a re ho Saule: Ho se be ea nyahamisoang pelo ke motho eo! Mohlanka oa hao o tla ea Ioants’a mo-Filista eo. Saule a re ho Davida: U ke ke ua thulana le ho Ioana le mo-Filista eo, hobane uena u sa le mohlankanyana feela, athe eena e bile mohlabani oa lintoa ho tloha bocheng ba hae.

Davida a fetola, a re: Morena ea mpholositseng marong a tau le marong a bere, o tla boela a mpholosa le matsohong a mo-Filista eo. Eaba Saule o re ho Davida: Tsamaea, ‘me Morena a be le uena.

Davida a tšoara molamu ka letsohong, a ea thonaka majoe a mahlano a boreletsana nokaneng, a a akhela ka khetsing eo a neng a alosa ka eona, a toba mo-Filista a se a tšoere letjeketjane ka letsohong. Mo-Filista le eena a ‘na a atamela a ba a fihla haufi le Davida, a eteletsoe pele ke ea mo jaretseng thebe. Eitse ha mo-Filista a talima ‘me a bona Davida, a hl’a mo halala, hobane e n’e le moshanyana feela, e mosootho, ea sebopeho se setle.

Mo-Filista a re ho Davida: Ebe ke ntja, ha e le moo u nkuketse melami tjee? Eaba mo-Filista o rohaka Davida ka melimo ea habo. Mo-Filista a nt’o re ho Davida: Tloo koano, ke tsoe ke fepa linonyana tsa leholimo le libatana tsa naha ka nama ea hao.

Davida a araba mo-Filista a re: U ntletse ka sabole, lerumo le tsenene; athe ‘na, ke itlela ho uena ka lebitso la Morena oa makhotla, Molimo oa mabotho a Israele, ao u a hlapaotseng. Kajeno, Morena o tla u lahlela liatleng tsa ka; ke tla u bolaea, ke u pome hloho. Hona kajeno ke tla fepa linonyana tsa leholimo le libatana tsa naha ka setopo sa hao le ka litopo tsa makhotla a ba-Filista.

Ke moo lefatše lohle le tla tseba hore ho na le Molimo Israeleng. Le bona bohle ba phuthehetseng mona ba tla tseba hore Morena ha a pholose ka sabole leha e le ka lerumo, hobane Morena, ke eena mong’a ntoa ‘me o tla re neha lona matsohong.

Ke ha mo-Filista a tloha, a atamela ho ea thulana le Davida; Davida le eena a phakisa a leba khabong ho ea thulana le mo-Filista. A nt’o kenya letsoho khetsing, a ntša lejoe, a le betsa ka letjeketjane, a otla mo-Filista phatleng; lejoe la mo fata phatleng, a ba a oa ka sefahleho.

Ke ka tsela ena Davida a ileng a hlola mo-Filista joalo ka letjeketjane le ka lejoe; a theta mo-Filista, a mo bolaea. Davida o n’a sa tšoara le sabole. Joale Davida a matha, a fihla a ema holim’a mo-Filista; a nka sabole ea mo-Filista, a e tsomula selateng, a mo qetela ka ho mo khaola hlooho ka eona. Eitse ha ba-Filista ba bona hore mohale oa bona o shoele, ba baleha.

PESALEMA 143  (1.2.9-10.)

HO BOKOE MORENA, EO E LENG LEFIKA LA KA

Ho bokoe Morena, eo e leng lefika la ka,

ea koetlìselitseng matsoho a ka ntoa

le menoana ea ka ho Ioana.

Ke eena mohauheli le qhobosheane ea ka,

lerako le nkhaheletsang le molopolli oa ka,

ke eena thebe ea ka eo ke itšireletsang ka eona,

ea behang lichaba tlas’a ka.

Molimo oa ka ke tla u binela sefela se secha,

ke tla u roka ka harepa e khoele li leshome,

uena ea nehang likhosi ho ahlola.

uena ea pholosang mohlanka oa hao Davida.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (3,1-6)

Na, ka Sabbatha, ho lumeletsoe ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa?

Ka nako eo, Jesu a boela a kena tlung ea thapelo. Ho no ho le teng moo motho ea shoeleng letsoho. Ba ne ba lisitse Jesu hore na o tla folisa ka sabbatha, e le hore ba tsebe ho mo qosa. Eaba o re ho motho ea shoeleng letsoho: Hlahella pontšeng. A nt’o re ho bona: Na, ka sabbatha, ho lumeletsoe ho etsa molemo kapa bobe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa?

Ba mpa ba khutsa. Eaba o ba hlaba ka mahlo a bohale, a soabisitsoe ke bofofu ba lipelo tsa bona, a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao.

A le otlolla ‘me letsoho la boela la phela. Joale Bafarisi ba tsoela kantle ‘me ba phakisa ba rera hammoho le Ba-Heroda mokhoa oa ho timetsa Jesu.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Pherekhong 2024

Read Next

La 18 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular