Vinkmag ad

 La 15 Pherekhong 2024

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele.  (15,16-23)

Ho mamela ke ntho ea bohlokoa ho feta sehlabelo. Morena o u lahlile hore u se hlole u e-ba khosi.

Matsatsing ao, Samuele a re ho Saule: Butle, ke u tsebise seo Morena a mpoleletseng sona bosiung bona bona. Saule a re ho eena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, leha u n’u ipona u le monyenyane, u ile ua behoa hlooho ea meloko ea Israele? Morena a u tlotsa ho ba khosi ea Israele? Mohla Morena a na beng a u laola, o n’a re: E-ea, u ripitle baetsalibe bano ba ba-Amaleke, u ba loantše ho fihlela u ba qetile. Ke’ng ha u sa ka ua mamela Lentsoe la Morena? Ke’ng ha u ile ua tsoela khapo pelo, ua etsa bobe mahlong a Morena?

Saule a araba Samuele a re: Lentsoe la Morena ke le mametse. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a nthomileng ka eona, ka tlisa Agage, khosi ea ba-Amaleke, ‘me ka ripitla ba-Amaleke. Empa har’a tse hapiloeng sechaba sa inkela tse ntle feela tsa likhutšoane le liphoofolo tse telele, tse neng li tšoanela ho felisoa, sa re se tla nyehela Morena, Molimo oa hao sehlabelo ka tsona, Gilgale.

Eaba Samuele o re: Ebe Morena a ka khahloa ke licheso le ke mahlabelo, joaloka ha a khahloa ke mamelo ea lentsoe la hae? Ruri ho mamela ke ntho ea bohlokoa ho feta sehlabelo, le ho phetha taelo ke ntho ea bohlokoa ho feta mafura a lipheleu. Bofetoheli ke sebe se kang sa bonohe, le boikakaso ke molato o kang oa tšebeletso ea melimonyana ea matlo. Ere ka ha u lahlile taelo ea Morena kherehloa, Morena le eena o u lahlile, hore u se hlole u e-ba khosi.

PESALEMA 49    (8-9.16-17. 21. 23.)

EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTŠA PHOLOHO EA MOLIMO.

Ha ke u nyatse ka baka la mahlabelo a hao,

etsoe u nketsetsa licheso ka mehla.

Ha ke hloke pohoana ea lesaka la hao,

leha e le phooko ea mohlape oa hao,

U na le tokelo efe ea ho bolela melao ea ka,

le ea ho bolelisa selekane sa ka ka molomo oa hao,

uena ea hloileng khalemo,

ea furallang lipolelo tsa ka?

U nts’u etsa tjee, ebe u re nka thola?

U hopola hore ke tšoana le uena?

Kea u khalemela,

ke be ke lokise taba tsa hao ka pel’a hao.

Ea ‘nyehelang sehlabelo sa teboho oa ntlhompha,

ea tsamaeang tseleng ea ‘nete

ke tla ‘montša pholoho ea Molimo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (2,18-22)

Monyali o nts’a e-na le bona

Ka nako eo, barutuoa ba Joannes le Bafarisi ba ne ba itima lijo. Ke ha ho tla batho ba bang ho Jesu ba re ho eena: Ke ka baka la’ng ha barutuoa ba Johannes le Bafarisi ba itima lijo, empa barutuoa ba hao bona ba sa itime?

Eaba Jesu o re ho bona: Ana baetsana ba ka itima lijo monyali a nts’a e-na le bona? Ha ba sa ntsane ba e-ja le monyali ba ke ke ba itima; empa matsatsi a tla moo joale ba tla itima tsatsing leo.

Ha ho motho ea keng a rokelle setsiba sa lesela le lecha seaparong sa khale. Ha ho ka etsoa joalo, setsiba se secha se ka hlephola seaparo sa khale ‘me lesoba la eketseha.

Le teng ha ho motho ea keng a tšele veine e ncha makukeng a khale; ha ho ka etsoa joalo, veine e tla phatlola makuka, ebe veine le makuka lia senyeha. Empa veine e ncha e tšeloa makukeng a macha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Pherekhong  2024

Read Next

La 16 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular