Vinkmag ad

La 13 Pherekhong  2024

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (9,1-4.17-19;10-1)

Ke eo monna eo Morena a buileng ka eena. Saule o tla busa sechaba sa hae.

Ho n’o le teng monna oa mo-Benjamine, ea bitsoang Kishe, mor’a Abiele, Abiele oa Tserore, Tserore oa Bekorathe, Bekorathe oa Afiah. E n’e le mo-Benjamine ea matla, O n’a e-na le mora ea bitsoang Saule, mohlankana e motle, eo ho neng ho se ea mo fetang ka botle har’a bana ba Israele. Ka bolelele o n’a phahametse bohle, a tsoile ka mahetla.

Ha etsahala hore liesele tse tšehali tsa Kishe, ntat’a Saule, li Iahlehe. Eaba Kishe o re ho Saule, mor’a hae: Ak’u tsamaee le e mong oa bahlanka u e’o batla liesele. Ba tlöla le thabeng ea Efraime, ba hahola naha ea Shalisha, ba sa bone letho. Ba hahola naha ea Shaalime ho se letho. Ba nt’o hahola naha ea Benjamine, le teng ba li hloka.

Ha Samuele a bona Saule, Morena a mo lemosa, a re: Ke eo monna eo ke buileng ka eena, ha ke re: O tla busa sechaba sa ka. Saule a teana le Samuele khorong ea motse, a mo köpa, a re: Ak’u ntšupise moo seboni se ahileng teng?

Samuele a araba Saule, a re: Seboni ke ‘na. Ak’u nketelle pele, u nyolohele qalong e phahameng. Re tla ja hammoho kajeno, ke tla u lokolla hosasane, ‘me ke tla u senolela tsohle tse ka pelong ea hao.

Eaba Samuele o nka pitsana ea oli, a e tšela hloohong ea hae, a mo aka a ntse a re: Ha ke re, Morena o u tlotselitse ho ba motsamaisi oa sechaba sa hae sa Israele? Ke uena ea tla busa sechaba sa Morena le ho se pholosa matsohong a lira tsa sona tse se pota-potileng.

PESALEMA 20 (2-7. 2)

MORENA, KHOSI E ITHABELA KA MATLA A HAO.

Khosi e ithabela ka matla a hao, Morena,

ho hlola ha hao ho e tlatsa nyakallo.

U mo sitsitse

ka seo pelo ea hae e neng e se lakatsa;

ha ua ka ua mo tima seo a neng a se kopa.

U mo tlisetsa mahlohonolo a khethehileng,

u mo roesitse mofapahloho oa gauda e tšekiloeng.

O n’a u kopile bophelo, ua mo fa bona,

ua mo sitsa ka matsatsi a malelele ho-ea-ho-ile.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (2,13-17)

Ha kea tla ho bitsa ba Iokileng, empa baetsalibe.

Ka nako eo, Jesu a boela a tsoela nqa ea leoatleng, ‘me sechaba sohle se ne se e-tla ho eena, ‘me o n’a se ruta. Eitse ha a feta a bona Levi, mor’a Alfea, a lutse ka tlung ea khafa ‘me a re ho eena: Ntatele. Eaba Levi oa ema ‘me a mo latela. ‘Me ha etsahala hore ha ba le lijong ka tlung ea Levi, bakhafisi le baetsalibe ba bangata ba lule hammoho le Jesu le barutuoa ba hae; etsoe ba ne ba le bangata ba mo latelang.

Ha bangoli le Bafarisi ba bona hore Jesu o ja Ie bakhafisi le baetsalibe, ba botsa barutuoa ba hae, ba re: Ke ka baka Ia’ng ha a e-ja ‘me a e-noa le bakhafisi le baetsalibe na? Jesu a utloa hona ‘me a re ho bona: Ba hlokang ngaka ha se ba phelang hantle, empa ke ba kulang. Ha kea tla ho bitsa ba lokileng, empa baetsalibe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Pherekhong 2024

Read Next

 La 15 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular