Vinkmag ad

La 12 Pherekhong 2024

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (8,4-7.10-22)

Le tla Ilisoa ke khosi ea Iona empa Morena a ke ke a le natsa.

Baholo bohle ba Israele ba phutheha, ba tla ho Samuele, Rama, ba re ho eena: Ua bona, u s’u holile, ‘me bara ba hao ha ba tsamaee mehlaleng ea hao. Joale he, re behele Khosi, e tla re busa joaloka lichabeng tse ling tsohle. Taba ena ea ha ba re: Re behele khosi e tla re busa ea soabisa Samuele. Samuele a rapela Morena.

Morena a re ho Samuele: Mamela puo ea sechaba kahohle kamoo se buang le uena kateng; hobane ha se uena eo ba mo Iahlileng, ba Iahlile ‘na, hore ke se hlole ke ba busa.

Samuele a phetela sechaba, se kopileng khosi ho eena, lipolelo tsohle tsa Morena. A re: Ke tsena litokelo tsa khosi e tla le busa: e tla nka bara ba Iöna, e ba sebelise kariking le lipereng tsa eona, ba mathe ka pel’a kariki ea eona. E tla beha ba bang ho ba balaoli ba mabotho a arotsoeng ka likete le ka mashome ka bohlano; e sebelise ba bang ho e lemela le ho e kotulela; ba bang ba e teele libetsa tsa ntoa, le ho e Iokisetsa thepa ea likariki.

Hape khosi e tla nka barali ba Iöna ba bang e be ba lokisang litlolo, ba bang e be ba phehang Iijo, ba bang mahobe. Ha e le masimong a Iöna, merareng le mehloareng ea Iona, e tla hloaea tse ntle ho li neha bahlanka ba eona. Lijalong le merareng teng e tla le khafisa karolo ea leshome ho e neha matona le bahlanka ba eona. E tla nka ba batle har’a bahlanka le makhabunyane a Iona, le tse ntle har’a likhomo le liesele tsa Iöna, ho phetha mesebetsi ea eona.

Likhutšoaneng tsa Iona e tla le khafisa karolo ea leshome; le Iöna le tla ba makhoba a eona. Mohlang oo le tla Ilisoa ke khosi ea löna eo le ikhethetseng eona, empa tsatsing Ieo Morena a ke ke a le natsa.

Empa sechaba sa hana ho mamela Samuele, sa re: Che, re rata ho ba le khosi e re busang, re tle re tšoane le lichaba tse ling tsohle, khosi ea rona e tle e re tsamaise, e re etelle pele, e be e laole le lintoa tsa rona.

Samuele a mamela lipolelo tsohle tsa sechaba, ‘me a li isetsa Morena. Eaba Morena o re ho Samuele: Mamela puo ea bona, u ba behele khosi.

PESALEMA 88 (16-9.2)

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAO KA MEHLA.

Ho Iehlohonolo sechaba

se tloahetseng ho u etsetsa litlatse,

se tsamaea khanyeng ea sefahleho sa hao, Morena.

se thabela Lebitso la hao tsatsi Iohle,

se ithorisa ka toka ea hao.

Ke uena khanya ea matla a sona,

ha u khahloa re tsoha molota.

Morena ke thebe ea röna,

Ea halalelang oa Israele ke khosi ea röna.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.(2,1-12)

Mor’a motho o na le matla lefatšeng a ho tšoarela libe.

Ka morao ho matsatsi a seng makae, Jesu a boela a kena Kafarnauma, ‘me ha utloahala hore o teng hâe. Batho ba khobokana ka bongata, hoo ho neng ho bile ho patisane le monyako. Eena o n’a ba ruta Lentsoe.

Ba bang ba mo tlisetsa motho ea shoeleng litho, a jeroe ke batho ba bane. Eare ka ha ba ne ba sitoa ho mo fihlisa pel’a Jesu, ka baka la letšoele ba kupulla marulelo a ntlo eo a neng a le ka ho eona; ‘me ha ba phuntse lesoba, ba theolela liphate tseo motho a shoeleng litho a neng a robetse ho tsona.

Eitse ha Jesu a bona tumelo ea bona, a re ho ea shoeleng litho: Ngoan’a ka, u tšoaretsoe libe tsa hao. Bangoli ba bang ba lutseng moo, ba qala ho inahana ka lipelong tsa bona, ba re: Motho eo o bua joalo ka baka la’ng? Oa nyefola! Ke mang ea ka tšoarelang libe, ha e se Molimo feela?

Jesu a phakisa a elelloa ka moea oa hae hore ba hopola joalo ka Iipelong tsa bona, ‘me a re ho bona: Le nahanela’ng tsena ka Iipelong tsa Iöna? Ho bonolo ke hofe, ha e le ho re ho ea shoeleng litho: U tšoaretsoe libe tsa hao, kapa ho re: Tsoha, nka liphate tsa hao, u tsamaee. Joale hore le tle le bone hore Mor’a motho O na le matla lefatšeng a ho tšoarela libe, eaba o re ho ea shoeleng Iitho: Ke re ho uena: Tsoha, u nke Iiphate tsa hao, u ikele hae.

‘Me hang eo a ema, a nka Iiphate tsa hae, a tsamaea mahlong a bohle, hoo ba ileng ba hlolloa, ba tlötlisa Molimo, ba re: Le ka mohla, ha re e-s’o bone ntho e joalo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Pherekhong 2024

Read Next

La 13 Pherekhong  2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular